Dinaha tsohle tsa tla Egepeta, ho Josefa, ho reka koro, kaha lefatshe lohle le ne le aparetswe ke tlala ya bojadikata.
Nehemia 5:2 - BIBELE Ba bang ba bona ba ne ba re: “Rona, le bara ba rona, le baradi ba rona, re bangata; ka baka lena, re batla koro eo re ka e jang, e le hore re tle re phele.” Sesotho 1909/1961 (SO) Ba bang ba ne ba re: Rona, le bara ba rona, le baradi ba rona, re bangata; re neeng koro, re tle re je, re phele. |
Dinaha tsohle tsa tla Egepeta, ho Josefa, ho reka koro, kaha lefatshe lohle le ne le aparetswe ke tlala ya bojadikata.
Yaba o re: “Bonang, ke utlwile hore koro e teng Egepeta; theohelang teng, le yo re sella, re tle re phele re se ke ra shwa.”
Jwale Juda a re ho ntatae, Iseraele: “Ntumelle ho tsamaya le mohlankanyana, mme re tla ya, e le hore re tle re phele, re se ke ra shwa, rona le wena, le bana ba rona.
Re ka shwela mahlong a hao ka baka lefe, rona le masimo a rona? Re rekelle le masimo a rona ka dijo, hore rona le masimo a rona re be makgoba a Faro. Re fe peo re tle re phele, re se ke ra shwa, le hore masimo a se ke a lala.”
Mosadi e mong, eo monna wa hae e neng e le e mong wa sehlopha sa baporofeta, a fihla ho Elisha, a re: “Mohlanka wa hao, e leng monna wa ka, o shwele. O a tseba hore mohlanka eo wa hao o ne a hlompha Morena. Jwale motho eo monna wa ka a neng a nkile molato ho yena, o tlile ho tla nka bara ba ka ba babedi, ho ya ba etsa makgoba a hae.”
Ba bang bona ba re: “Re beile masimo a rona paneng, le dirapa tsa rona tsa morara, le matlo a rona, e le hore re tle re tsebe ho reka koro nakong ya tlala.”
Le jetse haholo, empa la kotula hanyenyane; le a ja, empa ha le kgore; le a nwa, empa ha le kgolwe; le a apara, empa ha le futhumale; le ya amohelang moputso, moputso oo ha o mo thuse ka letho.”
Haeba le sa mmamele, le sa tsotelle ho ntlotlisa,” ho rialo Morena wa mabotho, “ke tla le dihela thohako, ke le amohe mahlohonolo a lona. E, ke se ke le amohile wona, hobane ha le ntsotelle!
“O se ke wa lefisa ngwaneno tswala hodima seo o mo adimileng sona; e ka ba tswala ya tjhelete, kapa tswala ya dijo, kapa tswala ya eng le eng eo ho yeng ho lefiswe motho tswala ha e adimilwe.