Haggai 1:6 - BIBELE6 Le jetse haholo, empa la kotula hanyenyane; le a ja, empa ha le kgore; le a nwa, empa ha le kgolwe; le a apara, empa ha le futhumale; le ya amohelang moputso, moputso oo ha o mo thuse ka letho.” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)6 le a ja, empa ha le kgore; le a nwa, empa ha le kgolwe; le a apara, empa ha le futhumale; ya sebelletsang moputso, o o sebelletsa ho o kenya mokotleng o masoba. Ver Capítulo |
Mosadi eo a re: “Ka Morena Modimo wa hao ya phelang, ha ke na leha e le thathana feela. Phofshwana eo ke nang le yona ka lefiswaneng ke e ka tlalang seatla; le ole ha e sa le kae ka lekukeng. Ke thonaka ditjhatjhana tse seng kae, hore ke yo pheha, nna le moshanyana wa ka re tle re je, re ntano itjhwella.”
“Le ne le lebeletse tjhai e ngata, empa bonang! le kotutse hanyenyane feela. Kotulo eo le e tlisitseng hae, ke ile ka e senya. Ke ka lebaka lang ke entseng jwalo?” ho rialo Morena wa mabotho. “Ke entse jwalo ka baka la Tempele ya ka, e ntseng e le dithako, athe e mong le e mong wa lona yena o thahasella ntlo eo e leng ya hae.