Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Haggai 1:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 le a ja, empa ha le kgore; le a nwa, empa ha le kgolwe; le a apara, empa ha le futhumale; ya sebelletsang moputso, o o sebelletsa ho o kenya mokotleng o masoba.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Le jetse haholo, empa la kotula hanyenyane; le a ja, empa ha le kgore; le a nwa, empa ha le kgolwe; le a apara, empa ha le futhumale; le ya amohelang moputso, moputso oo ha o mo thuse ka letho.”

Ver Capítulo Copiar




Haggai 1:6
31 Referencias Cruzadas  

Mehleng ya Davida, tlala ya eba teng ka dilemo tse tharo tse hlahlamanang. Davida a botsa Jehova; mme Jehova a re: Ke ka baka la Saule le la ntlo ya hae e madi, kamoo a kileng a bolaya ba Gibeone kateng.


Mosadi a re: Ka Jehova, Modimo wa hao o phelang, ha ke na leha e le senkgwa, haese phofjwana e pitseng e ka tlatsang seatla, le olenyane sehong; bona, ke be ke rwalla thupana tse pedi, hore ke ye, ke lokisetse nna le mora ka, re tle re je, re ntoo shwa.


Ba bang ba ne ba re: Rona, le bara ba rona, le baradi ba rona, re bangata; re neeng koro, re tle re je, re phele.


O tla hloka, leha maruo a hae a mo atetse haholo; matsoho a ba tujwang a tla mo wela hodimo.


Maruo a ntlo ya hae a tla timela, a tla feta ka letsatsi la kgalefo ya Modimo.


Lehwatata le behang a le fetola mobu wa letswai, ka baka la bolotsana ba baahi ba lona.


E mong o a fana athe o ntse a atelwa ke dintho; e mong o a konana, mme o fetoha mofumanehi.


Ditema tse leshome tsa merara di tla bea bathe e le nngwe, homere ya hlanyelo e bee efa e le nngwe.


Ba lemile koro, mme ba kotula meutlwa; ba ikgathaditse, mme ha ba kotule letho. Ebang le dihlong ho kotuleng ha lona, ka baka la kgalefo e tjhesang ya Jehova.


Balemi ba hlabiswa dihlong, ba ikgurumeditse dihlooho, hobane naha e maketse, ke hobane pula e sa ne lefatsheng.


Empa haesale re lesitse ho tjhesetsa mofumahadi wa lehodimo dibano, le ho mo tshollela dino, re ntse re haellwa ke dintho tsohle, mme re shwa ke lerumo le tlala.


Ba tla ja, empa ba ke ke ba kgora; ba tla feba, empa ba ke ke ba ata, kahobane ba tlohetse ho hlokomela Jehova.


Ba jala moya, mme ba tla kotula sefefo; mabele wona a tla ba siyo. Monoko o ke ke wa bea dijo; leha o ka di bea, di tla metswa ke baditjhaba.


Matla a lona a tla fella lelea; naha ya lona e ke ke ya medisa dijo, mme difate tsa naha di ke ke tsa bea ditholwana.


Mohla ke le timileng bohobe e leng seikokotlelo sa lona, sebopi se le seng se tla lekana basadi ba leshome ho le apehela bohobe; ba tla le lekanyetsa bohobe ba lona ka sekala; le tla ja, empa le ke se ke la kgora.


Ke ka baka leo, lehodimo le hanneng le phoka hodima lona, mme lefatshe le hanneng le ho beha ha lona,


Mme jwale, ho bolela Jehova wa makgotla: Lekolang ditsela tsa lona pelong tsa lona: Le jetse haholo, empa le thothile hanyenyane;


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Lekolang ditsela tsa lona pelong tsa lona.


Ho ne ho tshepilwe ho hongata, athe ho honyenyane. Le ho thothetse hae, empa ke budutse hodima hona ... Ka baka lang, ho botsa Jehova wa makgotla? Ka baka la ntlo ya ka, hobane e le lesupi ... Athe e mong le e mong ho lona o mathela ntlo ya hae.


Mehleng eo, ha ho tluwa setheng sa mangata a neng a ka tswa ditekanyo tsa koro tse mashome a mabedi, ho ne ho fumanwa tse leshome feela: kapa ha ho tluwa sehatelong sa veine ho kga ditekanyo tse mashome a mahlano, ho ne ho fumanwa tse mashome a mabedi feela,


ke le otlile ka phori, le ka boroku, le ka sefako, mesebetsing yohle ya matsoho a lona, empa ha ho e mong ho lona ya kgutletseng ho nna, ho bolela Jehova.


Ke e ntshitse, ho bolela Jehova wa makgotla, mme e tla kena tlung ya leshodu, le tlung ya ya hlapanyang ka lebitso la ka ka bohata; e tla dula kahara ntlo ya hae, e tle e e fedise, le difate tsa yona, le majwe a yona.


Hobane pele ho tshiu tseo, moputso wa motho o ne o le siyo, le moputso wa phoofolo o ne o le siyo, mme ho ya yang le ho ya kgutlang ho ne ho se kgotso ka baka la sera; mme ke ne ke nehela batho bohle hore ba lwantshane.


Ha le sa utlwe, le sa hlokomele ho tlotlisa lebitso la ka, ho bolela Jehova wa makgotla, ke tla romela thohako hodima lona, ke rohake dihlohonolofatso tsa lona; e, ke bile ke di rohakile, hobane ha le hlokomele letho.


Seroto sa hao, le morifi wa hao wa ho dubela bohobe, di tla rohakwa;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos