Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Haggai 1:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Mme jwale, ho bolela Jehova wa makgotla: Lekolang ditsela tsa lona pelong tsa lona: Le jetse haholo, empa le thothile hanyenyane;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Ka baka leo, Morena wa mabotho o re: “Itekoleng he!

Ver Capítulo Copiar




Haggai 1:5
15 Referencias Cruzadas  

le hlahlobe diqhobosheane tsa hae, le lekole matlo a borena a teng, le tle le tsebe ho bolella meloko e tlang ho tla.


Faro a kgutla, a ya ka tlung ya hae; taba ena ha a ka a e ela hloko.


Empa ba neng ba sa ele lentswe la Jehova hloko, ba tlohela bahlanka ba bona le mehlape ya bona naheng.


Re batlisiseng metsamao ya rona, re e nahane, re kgutlele ho Jehova!


Ekare ha a itisa, a kgeloha ditlolo tsohle tseo a neng a di etsa, o fela a tla phela; ha a ka ke a shwa.


Monna eo a re ho nna: Mora motho, tadima ka mahlo a hao, o mamele ka ditsebe tsa hao, o ele tsohle tseo ke tla o bontsha tsona hloko; hobane ha o tlisitswe kwano, ke hore ke o bontshe tsona; o tle o tsebise ntlo ya Iseraele tsohle tseo o di bonang.


A re ho nna: Se tshabe, Daniele; hobane esale ka letsatsi la pele leo o pheheletseng pelong ya hao ho utlwisisa, le ho ikokobetsa pela Modimo wa hao, dipolelo tsa hao di hlile tsa utluwa, mme ke tlile ka baka la dipolelo tsa hao.


Morena ha a utlwa taba eo, a hlomoha haholo, a rera le pelo ya hae ho namolela Daniele; a nna a leka ho mo pholosa, letsatsi la ba la dikela.


Hleka ho lona ke nako ya ho dula matlung a lona a manehilweng ka dipolanka, athe ntlo ena ke lesupi?


le a ja, empa ha le kgore; le a nwa, empa ha le kgolwe; le a apara, empa ha le futhumale; ya sebelletsang moputso, o o sebelletsa ho o kenya mokotleng o masoba.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Lekolang ditsela tsa lona pelong tsa lona.


Yaba moo a ikgopolang, a re: Bahlanka ba bangata hakakang ha ntate ba hlolwang ke bohobe; mme nna mona ke bolawa ke tlala!


Itekoleng e le lona, le tle le bone ha le le tumelong; itekeng e le lona; na ha le itemohele hoba Kreste o ka ho lona, haese hoba mohlomong le le ba se nang ho amohelwa!


Empa e mong le e mong a ke a leke mesebetsi eo e leng ya hae, mme ke moo a tla ba le sebaka sa ho ithorisa ka tsa hae, e seng ka tsa ba bang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos