7 Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Lekolang ditsela tsa lona pelong tsa lona.
7 Morena wa mabotho o re: “Itekoleng he!
Hobane ke molao hodima molao, molao hodima molao, taelo hodima taelo, taelo hodima taelo: hanyenyane mona, hanyenyane mono!
Re batlisiseng metsamao ya rona, re e nahane, re kgutlele ho Jehova!
Mme jwale, ho bolela Jehova wa makgotla: Lekolang ditsela tsa lona pelong tsa lona: Le jetse haholo, empa le thothile hanyenyane;
le a ja, empa ha le kgore; le a nwa, empa ha le kgolwe; le a apara, empa ha le futhumale; ya sebelletsang moputso, o o sebelletsa ho o kenya mokotleng o masoba.
Hlwellang thabeng, le tlise difate, le hahe ntlo, mme ke tla e thabela, ke be ke itlotlise, ho bolela Jehova.
Mme jwale, batlisisang he pelong tsa lona tsa mohla ho esong ho bewe lejwe hodima lejwe tempeleng ya Jehova, ho tloha tsatsing lena ho kgutlela morao.
Haele ka ho hong, banabeso, le ithabele Moreneng. Ha ke kgathale ke ho le ngolla ditaba di le ding, mme ke ntho e le tiisang.