Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 5:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ba bang ba ne ba re: Rona, le bara ba rona, le baradi ba rona, re bangata; re neeng koro, re tle re je, re phele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Ba bang ba bona ba ne ba re: “Rona, le bara ba rona, le baradi ba rona, re bangata; ka baka lena, re batla koro eo re ka e jang, e le hore re tle re phele.”

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 5:2
11 Referencias Cruzadas  

Ba dinaha tsohle ba tla Egepeta, ho tla reka ho Josefa, hobane tlala e ne e le kgolo lefatsheng lohle.


A ba a re: Bonang, ke utlwile hoba koro e teng Egepeta, theohang, le ye teng, le re rekele teng, re tle re pholohe, re se ke ra shwa.


Juda a a ba a re ho Iseraele, ntatae: Roma moshanyana le rona, re tswe re tloha re tsamaya, re tle re pholohe, re se ke ra shwa, rona, le wena, le bana ba rona.


Na re ka shwa jwang pela hao, rona le lefatshe la rona? Ako re reke jwale, rona le masimo a rona, ka bohobe, mme rona le masimo a rona re tla ba bahlanka ba Faro, mme u re nee peo, re tle re phele, mme re se ke ra shwa, mme masimo a rona a se ke a fetoha nahathothe.


Yaba mosadi e mong, wa basadi ba bara ba baporofeta, o lla ho Elisha, a re: Mohlanka wa hao, monna wa ka, o timetse; o a tseba hobane mohlanka wa hao o ne a tshaba Jehova; jwale monna eo re leng molato ho yena o tlile ho nka bara ba ka ba babedi, hore a ba etse bafo.


Ba bang ba ne ba re: Rona, e ka kgona re etse masimo a rona le merara ya rona le matlo a rona ditebeletso; re neeng koro ka baka la tlala ena.


le a ja, empa ha le kgore; le a nwa, empa ha le kgolwe; le a apara, empa ha le futhumale; ya sebelletsang moputso, o o sebelletsa ho o kenya mokotleng o masoba.


Ha le sa utlwe, le sa hlokomele ho tlotlisa lebitso la ka, ho bolela Jehova wa makgotla, ke tla romela thohako hodima lona, ke rohake dihlohonolofatso tsa lona; e, ke bile ke di rohakile, hobane ha le hlokomele letho.


O se ke wa adima ngwaneno ka ho batla phahello ya ditjhelete, kapa phahello ya dijo, leha e le phahello ya dintho tse ding tse ka namuwang ka phahello.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos