“Re iketsetsa melao, eo ka yona re itlamang hore ka selemo le selemo re tla ntsha silefera e etsang boima ba dikeramo tse hlano, bakeng sa mosebetsi wa Tempele ya Modimo wa rona,
Nehemia 5:10 - BIBELE Le rona, le bana beso, le bahlanka ba ka, re ka nna ra lefisa batho bana tswala hodima tjhelete le koro eo re ba adimang yona. Ke a le kopa hle: A re tloheleng tswala ena! Sesotho 1909/1961 (SO) Tjhe, nna le banabeso le bahlanka ba ka, re ba adimile tjhelete le koro hodima phahello. A re leseleng hle phahello eo. |
“Re iketsetsa melao, eo ka yona re itlamang hore ka selemo le selemo re tla ntsha silefera e etsang boima ba dikeramo tse hlano, bakeng sa mosebetsi wa Tempele ya Modimo wa rona,
Ke a le kopa hle: Hona jwale kgutlisetsang batho bana masimo a bona, le dirapa tsa bona tsa morara, le dirapa tsa bona tsa mohlwaare, le matlo a bona, le karolo e le nngwe, ho tse lekgolo, ya tjhelete ya bona, le ya koro ya bona, le ya veine ya bona, le ya ole ya bona, e leng tswala ya dintho tseo le di nkileng ho bona.”
Ka imamella dintho tsena, mme ka kgalemela mahosana le babusi, ka re ho bona: “Le lefisa bana babo lona tswala!” Yaba ke ba etsetsa pitso e kgolo.
Ka boela ka re: “Ntho ena eo le e etsang ha e a loka. Le tshwanela ho phela ka ho tshaba Modimo wa rona, e le hore baditjhaba, e leng dira tsa rona, ba tle ba se ke ba re nyatsa.
Ha a adimane ka tjhelete ho iphumanela phaello, ha a amohele tjotjo ho ahlola ya se nang molato. Ya etsang tsena a ke ke a sisinngwa le ka mohla.
“Mokgwa wa ho itima dijo oo ke o kgethileng ke ona: Ke hore o lokolle mahlaahlela a bokgopo, o imolle ba imetsweng ke mejaro ya bona, ba hateletsweng o ba lokolle, mesebetsi yohle ya botlatlapi o e fedise.
a adimana hore a fumane phaello, a bile a inkela tswala e ngata. “Na ya tjee o tla phela? Tjhe, ha a ka ke a ba a phela! Kaha o entse dintho tsena tsohle tse manyala o tla fela a shwe, mme ebe ke yena ya ipolaileng.
motho ya eso ka a hatella motho, ya buseleditseng moadimi, a mmuseletsa peeletso ya hae, ya eso tlatlape motho, a mo tlatlapa ka mahahapa, empa a fepa ba lapileng, a ba fepa dijo tsa hae, ba hlobotseng le bona a ba apesa;
ya sa adimaneng hore a fumane phaello, kapa hona ho inkela tswala e ngata; ya hanang ho etsa bokgopo, ya ahlolelang batho a se na leeme;
Ho madimabe ba rerang bolotsana, ba nahanang bokgopo ba le diphateng tsa bona! Ha bosiu bo esa ba a bo phethathatsa, hobane ba na le matla a ho etsa jwalo.
Ka ho tseba hore na ho tshaba Morena ke eng, re leka ho kgodisa batho. Modimo o re tseba ka ho tlala; le teng ke tshepile hore le lona, ka dipelo tsa lona, le ntseba ka ho tlala.
Kahoo re maqosa a Kreste, kaha Modimo a kgothatsa ka rona. Re a le kopa lebitsong la Kreste: Boelanang le Modimo.
Jwale rona, re le ba sebetsang mmoho le Modimo, re a le rapela hore mohau wa Modimo le se ke la o amohella lefeela.
Mokgwa wa ho leballana melato ke ona: Motho ka mong, eo ho nkilweng molato ho yena, o tla leballa mohahabo seo a mo adimileng sona; ha a na ho susutlella mohahabo, kapa ngwanabo, hore a lefe, hobane selemo sa Morena, sa ho leballana melato, se phatlaladitswe.