Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 5:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Tjhe, nna le banabeso le bahlanka ba ka, re ba adimile tjhelete le koro hodima phahello. A re leseleng hle phahello eo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Le rona, le bana beso, le bahlanka ba ka, re ka nna ra lefisa batho bana tswala hodima tjhelete le koro eo re ba adimang yona. Ke a le kopa hle: A re tloheleng tswala ena!

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 5:10
18 Referencias Cruzadas  

Hape, ra ipeela melao, ra itlama hore re tla nne re ntshetse tshebeletso ya ntlo ya Modimo wa rona karolo ya boraro ya shekele ka selemo se seng le se seng;


Hona kajeno, busetsang ho bona masimo a bona, le merara ya bona, le mehlware ya bona, le matlo a bona, le karolo ya lekgolo ya tjhelete, le ya koro, le ya veine e ntjha, le ya ole, eo le e nkileng ho bona ka mokgwa wa phahello.


Ka eletsana le pelo ya ka hore e ka kgona ke kgalemele baholo le mahosana. Ka re ho bona: E mong le e mong le adima banababo lona ka phahello. Yaba ke ba biletsa pitso e kgolo.


Yaba ke re: Seo le se etsang hase setle. Ha ke re, le ne le tshwanetse ho tsamaya tshabong ya Modimo wa rona, re tle re se ke ra kgoptjwa ke ditjhaba tseo e leng dira tsa rona?


ha a adime tjhelete ya hae ka phahello, ha a amohele mpho ho tswa ya se nang molato. Ya etsang jwalo, a ke ke a sisinyeha le ka ho sa yeng kae.


Ho itima dijo hoo ke ho ratang, na hase hore o tlamolle mahlaahlela a bolotsana, o kgaole marapo a joko, o lokolle ba etseditsweng boima, o robe dijoko kaofela na?


a adima ka phahello, a nka katiso, na o tla phela na? Ha a ka ke a phela; o entse manyala ao wohle, a fele a bolawe, madi a hae a be hodima hae!


leha a sa tube motho, mme a kgutlisa tebeletso e ntsheditsweng molato, a sa tlatlape, a nea molapi bohobe ba hae, a apesa ya hlobotseng diaparo,


ha a sa adime ka phahello, a sa nke katiso ha a ntsha letsoho la hae bokgopong, leha a ahlolela batho ba tlisaneng nyeweng ka tshwanelo,


Ho madimabe ba nahanang bolotsana, ba rerang bobe diphateng tsa bona! Ba bo etsa leseding la meso, hobane matsoho a bona ho bona ke modimo.


Jwale, ka baka la ho tseba botshabeho ba Morena, re qhopheletse batho ho dumela, mme re tsejwa ke Modimo, hape ke tshepile hoba re tsejwa le matswalong a lona.


Re manqosa a Kreste ke hona, mme ho ka thwe, ke Modimo o le kgothatsang ka rona; re a le rapela, bakeng sa Kreste, re re: Boelanang le Modimo!


Jwale, kahobane re le ba sebedisanang le Modimo, re a le kgothatsa hore le se ke la ba ba nketseng mohau wa Modimo lefeela.


Mokgwa wa ho etsa teselo ke wona: E mong le e mong ya nametsweng, a leselle wa habo seo a mo nametseng ka sona; a se ke a kgathatsa wa habo, kapa ngwanabo, hobane ho boletswe teselo ya Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos