Mehleng ya Sekariya, ya neng a ena le kutlwisiso ya dipono tsa Modimo, Usiya a phetha thato ya Modimo. Ka nako yohle ha a ntse a phetha thato ya Morena, Modimo o ile a mo atlehisa.
Nehemia 2:20 - BIBELE Yaba ke a ba araba, ke re ho bona: “Modimo wa mahodimo ke yena ya tla re atlehisa; ka baka lena, rona, bahlanka ba hae, re tla ema ka maoto, re hahe. Ha e le lona, mona Jerusalema, ha le na kabelo, kapa tokelo, kapa sefika.” Sesotho 1909/1961 (SO) Ka ba fetola, ka re ho bona: Modimo wa mahodimo ke wona o tla re atlisa; ka baka leo, rona re leng bahlanka ba wona, re se re ya tsoha, re haha; haele lona, ha le na kabelo, leha e le tokelo, leha e le keletso Jerusalema. |
Mehleng ya Sekariya, ya neng a ena le kutlwisiso ya dipono tsa Modimo, Usiya a phetha thato ya Modimo. Ka nako yohle ha a ntse a phetha thato ya Morena, Modimo o ile a mo atlehisa.
Empa bo-Serubabele, le Jeshua, le dihlooho tsa malapa a Iseraele, ba re ho dira tseo: “Le ke ke la haha Tempele ya Modimo wa rona le rona. Ke rona feela ba tla hahela Morena Modimo wa Iseraele Tempele, jwalokaha Siruse, kgosi ya Peresiya, a re laetse.”
Ha ke utlwa dipolelo tsena ka dula fatshe, ka lla, ka ba bofifing ka matsatsi a mangata; ka itima dijo, ka rapela Modimo wa mahodimo.
“Bahlanka bohle ba kgosi, le setjhaba sohle se dinaheng tsa kgosi, ba a tseba hore mang kapa mang, e ka ba monna kapa mosadi, ya kenang ka seotlwaneng se kahare sa kgosi, a sa bitswa, molao o mong feela: Ke hore a bolawe, haese feela eo kgosi e ka mo supang ka lere la yona la kgauta, hore a se ke a bolawa. Empa e se e le matsatsi a mashome a mararo ke eso ka ke bitswa hore ke ye ho kgosi.”
Ha Morena a tsosa marako a Sione, o tla bonahatsa tlotla ya hae, a e bonahatse ho yona.
Ba kgahlwang ke ho loka ha ka ba ke ba thabe, ba etse ditlatse; kamehla ba re: “Morena o moholo, yena ya kgahlwang ke kgotso, kgotso ya mohlanka wa hae!”
“Jwale Arone o tla kena ka Sehalalelong a apere mokgabiso wa sefuba wa kahlolo, o nang le mabitso a bara ba Iseraele, e le hore Morena a nne a ba hopole.
Molemo ke ho itshwarella ka polelo ya pele, le ya bobedi o se ka e nyahlatsa; ya tshabang Modimo o phema tsietsi tsena bobedi!
kahara tempele ya ka, kahara marako a yona, ke tla a etsetsa kgopotso, ke a ree lebitso, bitso le fetang la ba nang le bara le baradi, ke tla a rea lebitso la kamehla yohle, bitso le ke keng la hlola le fediswa.
ebe o e tlisa ho baprista, e leng bara ba Arone. Moprista a nke phofo e thumisehileng ka seatla, le ole, le mokubetso kaofela, a di tjhesetse hodima aletare, e be kgopotso e hodima aletare; e be setjheso se monko o monate, se amohelehang ho Morena.
Moleng o mong le o mong o tshele mokubetso, hore e tle e be bohobe ba kgopotso, ba nyehelo ya setjheso e etsetswang Morena.
Ha e le mofapahlooho wona o tla bewa ka Tempeleng ya Morena, e le hore ho tle ho hopolwe molemo wa bo-Heledai, le Tobiya, le Jedaya, le Hene, mora wa Sofonea.’
Mohla matsatsi a lona a thabo, le mohla mekete ya lona e kgethehileng, le mohla dikgwedi tsa lona di thwasang, le tla letsetsa diterompeta tsa lona hodima dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le hodima mahlabelo a lona a nyehelo ya teboho. Tsena e tla ba kgopotso ya lona kapele ho Modimo wa lona. Ke nna Morena Modimo wa lona.”
Eaba o re: ‘Kornele, thapelo ya hao e utlwilwe, mme dithuso tsa hao ho mafutsana di hopotswe ke Modimo.
A le tadima, a tshoha, mme a re: “Keng, Morena?” La re ho yena: “Dithapelo le dithuso tsa hao ho mafutsana di amohelehile ho Modimo, mme o o hopotse.
Ha o na kabelo leha e le seabo tabeng ena, hobane pelo ya hao ha e a loka mahlong a Modimo.