Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 24:7 - BIBELE

7 Moleng o mong le o mong o tshele mokubetso, hore e tle e be bohobe ba kgopotso, ba nyehelo ya setjheso e etsetswang Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Hodima setha se seng le se seng, o tla bea dibano tse hlwekileng; e tla ba kgopotso le nyehelo e tjheseditsweng Jehova ka mollo.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 24:7
17 Referencias Cruzadas  

Mookodi o tla ba marung, mme ha ke o tadima, ke tla hopola selekane se sa feleng, se pakeng tsa Modimo le dibopuwa tsohle tse phelang, tse teng lefatsheng.”


Letsatsi lena e tla ba la kgopotso ho lona, mme le tla le tlotlisa ka ho etsetsa Morena mokete. Meloko yohle ya lona e tla le boloka e le taelo ya mehla yohle.’ ”


Tshebeletso ena e tla ba kgopotso, jwalokaha eka ke letshwao le entsweng letsohong la hao, kapa phatleng ya hao, hore o nne o bolele Molao wa Morena wa hao, hobane Morena o o ntshitse Egepeta ka letsoho la hae le matla.


Yaba Morena o re ho Moshe: “Ngola ditaba tsena bukeng, e tle e be kgopotso. O be o phetele Joshua hore ke tla fedisa Baamaleke lefatsheng, hoo ba ke keng ba hlola ba hopolwa le kgale.”


O rokelle majwe ao a mabedi hodima masela a setipe a mahetleng, e be majwe a kgopotso ya bara ba Iseraele. Arone o tla apara setipe se rokeletsweng majwe ao, hore Morena a tle a ba hopole.


Ha o a ntlisetsa konyana tsa setjheso, leha e le ho ntlhompha ka mahlabelo a hao. Ha ke a ka ka o imetsa ka ho batla nyehelo tsa dijo, kapa ka o kgathatsa ka ho o kopa mokubetso.


“ ‘Ha motho a tlisetsa Morena nyehelo ya koro, a e sile pele, e be phofo e thumisehileng. A tshele ole ya mohlwaare le mokubetso hodima yona,


ebe o e tlisa ho baprista, e leng bara ba Arone. Moprista a nke phofo e thumisehileng ka seatla, le ole, le mokubetso kaofela, a di tjhesetse hodima aletare, e be kgopotso e hodima aletare; e be setjheso se monko o monate, se amohelehang ho Morena.


“ ‘Moprista a nke bo bong ba bohobe, e le kgopotso, ebe o bo tjhesetsa hodima aletare; e be setjheso se monko o monate, se amohelehang ho Morena.


Jesu a re ho bona: “Ke nna bohobe ba bophelo; ya tlang ho nna ha a ka ke a lapa le ka mohla, mme ya dumelang ho nna ha a ka ke a nyorwa le ka mohla.


Ke nna bohobe bo phelang, bo theohileng lehodimong; ha motho a ka ja bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng, mme bohobe boo ke tla fana ka bona ka baka la bophelo ba lefatshe, ke nama ya ka.”


Eaba o re: ‘Kornele, thapelo ya hao e utlwilwe, mme dithuso tsa hao ho mafutsana di hopotswe ke Modimo.


A le tadima, a tshoha, mme a re: “Keng, Morena?” La re ho yena: “Dithapelo le dithuso tsa hao ho mafutsana di amohelehile ho Modimo, mme o o hopotse.


e le hore re rorise mohau o tlotlehang wa hae, oo a re hauhetseng ka wona, ka Mora wa hae ya ratwang.


Ka hona o na le matla a ho pholosa ka ho tlala bohle ba tlang ho Modimo ka yena, kaha a phela kamehla ho ba buella.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos