La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mikea 7:7 - BIBELE

Empa nna ke tla lebella Morena, ke lebelle Modimo, Mopholosi wa ka; Modimo wa ka o tla nkutlwa.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Empa haele nna, ke tla tadima ho Jehova, ke lebelle Modimo wa poloko ya ka; Modimo wa ka o tla nkutlwa!

Ver Capítulo



Mikea 7:7
33 Referencias Cruzadas  

“Ke lebeletse ho pholoswa ke wena, Morena.


Ba mpuseletsa lerato la ka, ba mpuseletsa lona ka ho nqosa, leha ke ntse ke ba rapella.


Ke tshepile Morena, moya wa ka o tshepile lentswe la hae.


Ntsamaise nneteng ya hao, o nthute yona, hobane wena o Modimo ya mpholosang; ke o lebeletse ka matsatsi wohle, ka baka la molemo wa hao Morena.


Kgoba matshwafo, o lebelle Morena; o se ke wa itlhonamisa ka eo tsohle di mo atlang, e leng ya phethang merero e kgopo.


Nna ke jwaloka motho ya sa utlweng ditsebeng, eo molomong wa hae ho seng dikgang.


Ipiletse ho nna ka nako ya matshwenyeho; ke tla o lopolla, mme wena o tla ntlotlisa.”


Modimo, o lokelwa ke thoriso, e o lokela o le Sione; dikano di phethelwa wena,


Ako boele o re kgutlise, Modimo, wena, mopholosi wa rona, o fedise kgalefo ya hao ho rona.


Modimo ke mopholosi wa ka, ke tla mo tshepa, mme ke se ke ka tshaba; Morena ke matla a ka, ke pina ya ka, Morena o fetohile mopholosi wa ka.”


Mohla tsatsi leo, motho o tla sheba Mmopi wa hae, mahlo a motho a shebe Ya Halalelang wa Iseraele.


Ka tsatsi leo, batho ba tla re: “Ruri enwa ke Modimo wa rona, re ile ra mo tshepa, o re pholositse; enwa ke Morena, re ile ra mo tshepa, a re nyakalleng, re thabele ha a re pholositse.”


“Sokolohelang ho nna, le tle le pholohe, lona dipheletso tsohle tsa lefatshe; ke nna Modimo, ha ho na e mong.


Ha e le nna ke tshepile Morena, yena ya patileng sefahleho sa hae, a se patela ntlo ya Jakobo; ke yena eo ke tla mo lebella.


Ka pelong ya ka nna ke re: “Morena ke yena kabelo ya ka, kahoo ke itshepetse yena feela.”


Haeba ho ka ba jwalo, Modimo wa rona eo re mo sebeletsang, o na le matla a ho re pholosa seboping se tukang malakabe, mme o tla re namolela matsohong a hao, wena kgosi.


Wena, kgutlela ho Modimo wa hao, o be le lerato, o be le toka, o tshepe Modimo wa hao, o mo tshepe kamehla yohle.


Oho, Morena, ke ipiletsa ho wena, hobane hlaha e tjhesitse makgulo a lehwatata, fate tsohle le tsona tsa tjhella hara dithota.


Ke tla ema sethaleng sa ka, ke lalle ke le toreng, toreng ya balebedi, ke mamele seo Morena a se buang ho nna, ke imamelle hore na ke tla mo araba jwang.


Pono ena e sa emetse nako ya yona, e haufi e phethahala, mme e ke ke ya thetsa. Leha e ka dieha, wena o e emele, e tla fela e phethahale, ha e ka ke ya dieha.


Empa haeba mosadi eo a sa silafala, eba o ntse a hlwekile, ha a na ho hlahelwa ke letho, mme o tla nne a belehe.