Habakuke 2:3 - BIBELE3 Pono ena e sa emetse nako ya yona, e haufi e phethahala, mme e ke ke ya thetsa. Leha e ka dieha, wena o e emele, e tla fela e phethahale, ha e ka ke ya dieha. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)3 hobane tshenolo eo e sa duletse nako ya teng, empa e tla itlhahanela qetellong, e ke ke ya thetsa. Ha e ka dieha, o e lebelle, hobane e tla etsahala ruri, e ke ke ya fela. Ver Capítulo |
“Lemo tse mashome a supileng, a supileng hasupa, di baletswe tjhaba sa heno le motse o halalelang, hore ditshito tsohle di tle di fediswe, dibe le tsona le ke le di fedise, ho etswe poelano bakeng sa ho etsa bokgopo, ho loka ha kamehla ho tle ho be teng, ho phethahatswe dipono, le bona boporofeta, Ya Halalelang haholo le yena a tlotswe.
Kahoo nkemeleng,” ho rialo Morena, “le nkemele ho fihlela ha ke le qosa. Ke na le morero wa ho phutha ditjhaba, wa ho di phutha le mebuso ya tsona, ke hlatsetse kgalefo ya ka hodima tsona, e leng bohale ba ka bo tukang malakabe. Lefatshe lohle le tla timetswa ka mollo, ka mollo wa kgalefo ya ka ya ho boulela.