Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Habakuke 2:2 - BIBELE

2 Yaba Morena o a nkaraba, o re: “Ngola taba tsa pono ena hodima matlapa, o di ngole hantle babadi ba se ke ba hakwa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ebile Jehova o nkarabella ka ho re: Ngola tshenolo, e betle mamatjaneng, hore ya balang a e bale habonolo;

Ver Capítulo Copiar




Habakuke 2:2
18 Referencias Cruzadas  

Eya, o ba ngolle tsena hodima letlapa ba ntse ba bona, o ba ngolle tsona bukeng, e le hore ka matsatsi a tlang e tle be bopaki, e tle be bopaki ba kamehla yohle.


Morena a re ho nna: “Nka letlapa le leholo, o ngole hodima lona ka thlaku tse hlakileng: ‘Potlakela kgapo! Potlakela lelobelo!’ ”


“Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Ngola mantswe wohle ao ke o boleletseng wona bukeng.’


Empa wena Daniele, mantswe a Buka ena o a etse pinyane, o e bitiele ho fihlela mehla ya bofelo. Ba bangata ba tla e phenyaphenya, kahoo tsebo ya bona e eketsehe.”


Ka selemo sa pele sa puso ya Beleshasare, kgosi ya Babilona, Daniele o ile a lora toro, mme a bona dipono ka kelellong ya hae, ha a ntse a robetse diphateng tsa hae. Yaba o ngola toro ena, o pheta ditaba tsa yona.


Tsohle tse ngotsweng kgale di ngoletswe ho re ruta, hore ka ho mamella le ho tshediswa ho fumanwang Mangolong, re tle re be le tshepo.


Empa phuthehong nka rata ho bua mantswe a mahlano, a utlwisiswang, hore ke rute ba bang, ho ena le ho bua mantswe a diketekete a sa utlwahaleng.


Kaha re na le tshepo e jwalo, re bua ka sebete,


Hodima majwe ana le ngole mantswe wohle a molao ona ka mokgwa o bonahalang hantle.”


“Ka baka leo, ingolle sefela sena, o se rute bana ba Iseraele. Ba se tsebe ka hlooho, e le hore sefela sena e tle e be paki ya ka, e tswang bana ba Iseraele.


Ka lona letsatsi leo Moshe a ngola sefela sena, a se ruta bana ba Iseraele.


Yaba ke utlwa lentswe le tswang lehodimong, le re: “Ngola. Ho tloha jwale, ho lehlohonolo bafu ba shwetseng tshebeletsong ya Morena.” “E,” ho rialo Moya, “ba tla phomotswa mekgathaleng ya bona, hobane mesebetsi ya bona e tla ba sala morao.”


Yaba lengeloi le re ho nna: “Ngola. Ho lehlohonolo ba memetsweng moketeng wa dijo wa lenyalo la Konyana.” La nto re: “Tsena ke dipolelo tsa Modimo tsa sebele.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos