Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Habakuke 2:1 - BIBELE

1 Ke tla ema sethaleng sa ka, ke lalle ke le toreng, toreng ya balebedi, ke mamele seo Morena a se buang ho nna, ke imamelle hore na ke tla mo araba jwang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ke tla ema tulong ya ka ya bolebedi, ke tla hlwella toreng ya sebohodi, ke tle ke lebele ho bona seo Jehova a tla se bolela ka ho nna, le seo nka fetolang dillo tseo tsa ka ka sona.

Ver Capítulo Copiar




Habakuke 2:1
23 Referencias Cruzadas  

Davida o ne a dutse pakeng tsa dikgoro tse pedi tsa motse. Sebohodi sa hlwella lerakong, marulelong a hodima kgoro ya motse. Ha se phahamisa mahlo, se tadima, sa bona monna ya tlang a matha a le mong.


Ka sekgukgu bana ba Iseraele ba etsa dintho tse sa kgahliseng Morena Modimo wa bona. Ba ikgahela dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, metseng yohle ya bona, e menyenyane le e meholo.


Sebohodi se ne se eme hodima tora ya Jesereele. Ha se bona sehlopha sa Jehu se ntse se etla, sa re: “Hlopha sa batho ke sane!” Jorame a re: “Ere monna a palame pere, a yo se kgahlanyetsa, mme a fihle a re ho sona: ‘Na le tla ka kgotso?’ ”


“Ekaba ke mang ya tla mmamela! Bonang, mongolo wa ka ke ona! Ya Matla wohle a ke a nkarabe, moqosi wa ka a ngolle nna moqosuwa qoso!


Ke ne ke tla mmalla mehato ya ka kanngwe, ke atamele ho yena ke tsamaya seka kgosana.


Wena kgosi ya ka le Modimo wa ka, ako utlwe ha ke llela thuso. Ke rapela wena Morena,


Morena, ako re bontshe mohau wa hao, mme o re pholose.


A nke ke utlwe seo Morena Modimo a se bolelang, hobane o tla bolella setjhaba sa hae le batshepuwa ba hae tsa kgotso, e le hore ba se ke ba kgutla, ba kgutlela bothotong ba bona.


Dijo di se di lokile, meseme e se e adilwe, ho a jewa, ho bile ho a nowa. Emang lona mahosana, thebe tsa lona le di tlotse ka ole.


Morena o itse ho nna: “Tsamaya o yo bea sebohodi, se tle se behe seo se se bonang.


Sebohodi sa hlaba mokgosi, sa re: “Monga ka, ke qeta letsatsi ke eme hodima tora, masiu a ntshella ke ntse ke lebetse.”


“Ke beile balebedi hodima marako a hao, wena Jerusalema, ba ke keng ba kgutsa motsheare le bosiu: Lona ba rapelang Morena le se ke be la kgutsa,


Wena Morena, o lokile kamehla, ha ke bea nyewe ya ka kapele ho wena, o lokile, empa a nke ke bue le wena ka toka ya hao: Ke hobaneng ha ba kgopo ba atleha mererong ya bona? Ke hobaneng ha ba bolotsana ba phela ka boiketlo?


Yaba ke le kgethela balebedi, ka re: ‘Mamelang modumo wa lenaka ha le lla!’ Empa lona la re: ‘Ha re ka ke ra o mamela!’


“Wena ngwana motho, ke o entse molebedi wa ntlo ya Iseraele, ka baka leo, ha o utlwa lentswe le tswang molomong wa ka, o ba nee keletso ya ka.


“Jwale wena ngwana motho, ke o entse molebedi wa ntlo ya Iseraele; ka baka leo, ha o utlwa lentswe le tswang ho nna, o ba nee keletso ya ka.


Empa nna ke tla lebella Morena, ke lebelle Modimo, Mopholosi wa ka; Modimo wa ka o tla nkutlwa.


kaha le batla bopaki ba hore Kreste o bua ka nna. Yena ha a le fokolle, empa o matla hara lona.


ke ho ntshenolela Mora wa hae, hore ke tle ke bolele molaetsa o molemo wa hae hara baditjhaba, ka se ke ka batla keletso ho motho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos