Kamoo nna ke seng ke bone kateng, ba lemang bobe, ba be ba jale bokgopo, ba kotula hlanyelo e tshwana le tsona.
Mikea 7:13 - BIBELE Lefatshe le tla fetoha nanaola, le fetohe nanaola ka baka la baahi ba lona, le fetohe nanaola ka baka la diketso tsa bona. Sesotho 1909/1961 (SO) Empa lefatshe le tla senyeha ka baka la baahi ba lona, ka baka la tholwana ya metsamao ya bona. |
Kamoo nna ke seng ke bone kateng, ba lemang bobe, ba be ba jale bokgopo, ba kotula hlanyelo e tshwana le tsona.
Motho ya kgopo o tshwaswa ke makgopo a hae, dikgwele tsa dibe tsa hae di mo kgatele ruri.
Mohla tsatsi leo, metse ya hae ya diqhobosheane eo a e furaletseng ka baka la ho baleha bana ba Iseraele, e tla tshwana le dithako tse merung kapa tse tlhorong tsa dithaba. Naha yohle e tla sala e le nanaola.
“Ke nna Morena ya lekolang dipelo, mohopolo le wona o lekolwa ke nna. Ke putsa motho ho ya ka diketso tsa hae, ho latela tholwana tsa mesebetsi ya hae.”
Morena o re: Ke tla le otla ho ya ka diketso tsa lona, ke hotetse hlaha merung ya lona, ke e tjhese, tsohle tse le potapotileng di tla timela.’ ”
Naha ena yohle e tla ba nanaola le setsoto, mme ditjhaba tsena di tla sebeletsa kgosi ya Babilona ka dilemo tse mashome a supileng.
Merero ya hao e meholo, diketso tsa hao di matla. Mahlo a hao a bona diketso tsohle tsa batho, mme o putsa e mong le e mong ho ya ka diketso tsa hae, le ho ya ka ditholwana tsa mesebetsi ya hae.
Ere ho setjhaba sa naha ena: ‘Morena Modimo o bua tjena ka baahi ba Jerusalema, le ka ba phelang naheng ya Iseraele: Ba tla ja dijo tsa bona ba tshwenyehile, ba nwe metsi a bona ba tshohile, hobane naha ya bona e tla hlakolwa tsohle tse ho yona ka baka la meferefere ya bohle ba phelang ho yona.
Naha ke tla e fetola nanaola, e be lefeella, matla ao e ikgantshang ka wona a fele. Dithaba tsa Iseraele di tla fetoha matswatlare, ha ho ya tla feta ho tsona.
Ka baka la lona Sione e tla lengwa, e lengwe jwalokaha tshimo e lengwa, Jerusalema e fetohe, e be masupi, thaba ya Tempele e ririellane difate.
Ke moo ba tla ipiletsa ho Morena, Morena a ke ke a ba araba. Mohlang oo o tla ba patela fahleho sa hae, ka baka la diketso tsa bona, ketso tsa bona tse kgopo.
Kahoo Morena o tla furalla Baiseraele, a ba furalle ho fihlela mosadi a beleha; ke moo Baiseraele ba tla kgutla, ho kgutle Baiseraele ba phonyohileng, ba kgutle, ba ikopanye le bana babo bona.