Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 17:9 - BIBELE

9 Mohla tsatsi leo, metse ya hae ya diqhobosheane eo a e furaletseng ka baka la ho baleha bana ba Iseraele, e tla tshwana le dithako tse merung kapa tse tlhorong tsa dithaba. Naha yohle e tla sala e le nanaola.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Tsatsing leo, metse ya hae ya diqhobosheane e tla ba jwaloka dithako tse merung le dihlorong tsa dithaba, tse siilweng pela bana ba Iseraele ke Bakanana; e tla ba nahathothe.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 17:9
16 Referencias Cruzadas  

O lebetse Modimo, Mopholosi wa hao, ha o a hopola Lefika, qhobosheane ya hao, kahoo leha o ka lema difate tse ntlentle, wa lema le morara o tswang mafatsheng a mang;


A ke ke a sheba dialetare tse entsweng ke matsoho a hae. A ke ke a sheba tse etsedisweng tshwantsho tsa Ashera, le aletare tsa mokubetso tse entsweng ke matsoho a hae.


Motse o haheleditsweng o fetohile dithako, ke motse o siilweng, o furaletsweng sa lehwatata, ke moo manamane a fulang teng, a be a bothe, a itjelle makala.


morusu wa ntwa o tla tsohela tjhaba sa hao, qhobosheane tsohle tsa hao ebe di a ripitlwa, di ripitlwe sa mohla tsatsi lane la ntwa, ha Shalemane a ne a ripitla Bete-Arabeele, a pshatlaka basadi le masea a bona.


“Dibaka tsa borapedi tsa Isaka, di tla heletswa, le dihalalelo tsa Iseraele di fetolwe masupi; ke tla futuhela ntlo ya Jeroboame, ke e futuhele ka sabole ya ka.”


Ke tla heletsa metse ya naha ya lona, ke qhaqhe qhobosheane tsohle tsa lona.


Ditaelo tsa Omeri le di phethile, le mesebetsi yohle ya ntlo ya Akabe, dikeletso tsa bona le ile la di latela; ka baka leo, ke tla le timetsa, tjhaba sa lona ke se fetole sesomo, sekgobo sa baditjhaba le se jare jwalo.”


Lefatshe le tla fetoha nanaola, le fetohe nanaola ka baka la baahi ba lona, le fetohe nanaola ka baka la diketso tsa bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos