Mikea 4:8 - BIBELE Ha e le wena, Tora ya Mohlape, wena qhobosheane ya Moradi wa Sione, o tla buseletswa puso ya hao ya pele, mmuso o kgutlele ho Moradi wa Jerusalema.” Sesotho 1909/1961 (SO) Haele wena, qhobosheane ya mohlape, leralla la moradi wa Sione, ho wena ho tla tla, ho be ho finyelle borena ba pele, e leng mmuso wa moradi wa Jerusalema. |
Palale, mora wa Usai, a tsosa lerako moo le tobaneng le huku, le tora e entseng motsu, e tlung ya kgosi, e kahodimo, e neng e le pela lebala la tjhankana. Pedaya, mora wa Paroshe, a latela Palale, a tsosa lerako.
Lona menyako, bulehang! Ipuleng, lona menyako ya boholoholo, ho tle ho kene Kgosi e tlotlehang.
Thaba ya Sione e a kgahleha, e kgahleha ka bophahamo ba yona, e thabisa lefatshe lohle; e ka leboya ho motse wa Kgosi e kgolo.
Ke ipiletsa ho wena ke le pheletsong tsa lefatshe, pelo ya ka e saretswe. O ntlhwesetse lefikeng leo ke sitwang ho le hlwa,
Molala wa hao o tshwana le tora ya Davida, e hahilweng ka bokgabane bo boholo; ho yona ho leketla dithebe di le sekete, kaofela ha tsona e le dithebe tsa bahlabani.
Ke tla o kgutlisetsa baahlodi ba kang ba pele, le baeletsi ba kang ba mehleng ya kgale; kamorao ho tseo o tla bitswa motse wa toka, o bitswe motse o tshepahalang.
Ka tsatsi lena ba tla emisa Nobe, ba supe moradi wa Sione ka setebele, mane leralleng la Jerusalema.
A e kgatha, a hleka majwe ho yona, ho yona a lema morara o motlemotle, a haha kalana bohareng ba yona, a ba a e tjhekela setlhotlelo, a lebella hore e behe morara o monate, empa ya beha morara wa hlahlaane.
“Mehleng ya dikgosi tseo, Modimo ya lehodimong o tla thea mmuso o ke keng wa hlola o fediswa, o ke keng wa hlolwa ke ditjhaba tse ding. Mmuso oo o tla thuakanya, o timetse mebuso e meng yohle, empa wona o tla hlola kamehla yohle.
Empa bahalaledi ba Ya Hodimodimo ba tla nka mmuso e be wa bona kamehla; e, kamehla le mehla.’
Bapholosi ba bona ba tla nyoloha, ba nyolohele thabeng ya Sione, ba buse dithaba tsa Esau, mme mmuso e tla ba wa Morena.
“Ruri ke tla le phutha kaofela, ke phuthe lona bohle ba ntlo ya Jakobo; ruri masalla a Baiseraele ke tla a phutha, ke a kgobokanye sa nku di kena sakeng, ke a phuthe sa mohlape o le makgulong, e be boiyane bo phetheselang ba batho.
Morena o re: “Ke tla amoha Efraime kariki tsa ntwa, ke amohe Jerusalema dipere tsa ntwa, seqha sa ntwa ebe sona ke a se roba. Kgosi eo e tla tlisetsa ditjhaba kgotso, e buse ho akaretsa mawatle wohle, e buse ho tloha Nokeng ya Euferatese, e yo fihla pheletsong tsa lefatshe.”
Lona bathopuwa ba nang le tshepo, kgutlelang qhobosheaneng ya lona; e sa le jwale ke se ke le tsebisa: Ke tla le buseletsa tsohle habedi.
Wena Moradi wa Sione nyakalla haholo! Wena Moradi wa Jerusalema etsa ditlatse! Bona! Kgosi ya hao e tla ho wena; e lokile, e tlisa topollo, e ikokobeditse, e palame tonki, e palame petsana ya tonki.
“Mamelang setshwantsho se seng hape: Ho ne ho ena le monga tshimo ya ileng a lema tshimo ya morara, a e teela hare ka lerako, a tjheka setlhotlelo hara yona, a ba a haha le kalana ya molebedi. A e nea balemi ho e lema seahlolo, yaba o a eta.
Jesu a qala ho bua le bona ka ditshwantsho, a re: “Motho o ile a lema tshimo ya morara, a e teela hare ka lerako, a tjheka setlhotlelo hara yona, a ba a haha le kalana ya molebedi. A e nea balemi ho e lema seahlolo, yaba o a eta.
hore a tle a be kahodimo ho puso yohle, bookamedi bohle, matla wohle, le borena bohle ba meya e busang: kahodimo ho mang kapa mang, mehleng ena kapa mehleng e tlang.
Ha ho sa tla ba le bosiu; ha ba sa tla hloka lesedi la lebone kapa lesedi la letsatsi, hobane Morena o tla ba bonesetsa, mme ba tla busa kamehla le mehla.