Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mikea 4:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Haele wena, qhobosheane ya mohlape, leralla la moradi wa Sione, ho wena ho tla tla, ho be ho finyelle borena ba pele, e leng mmuso wa moradi wa Jerusalema.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Ha e le wena, Tora ya Mohlape, wena qhobosheane ya Moradi wa Sione, o tla buseletswa puso ya hao ya pele, mmuso o kgutlele ho Moradi wa Jerusalema.”

Ver Capítulo Copiar




Mikea 4:8
23 Referencias Cruzadas  

Iseraele a tswela pele, a hloma tente ya hae kapele ho Migdale-Edere.


Leha ho le jwalo, Davida a kena qhobosheane ya Sione; ke wona motse wa Davida.


Palale, mora Usai, yena a qala mabapa le kou le tora e hlahelang kantle pela ntlo e phahameng ya morena, e okametseng lebala la teronko.


Phahamisang dihlooho tsa lona, menyako; lona menyako ya kamehla, le iphahamise, ho tle ho kene Morena wa kganya!


Matlung a teng a borena, Modimo o ipontshitse hoba ke qhobosheane.


Hobane o setshabelo sa ka, qhobosheane e matla ya ka pela sera.


Molala wa hao o jwaloka tora ya Davida e haheletsweng polokelo ya dibetsa; dithebe tse sekete di fanyehilwe teng, thebe tsohle tsa diqhenqha.


Ke tla boela ke o tlisetse baahlodi ba kang ba pele, le baeletsi ba jwaloka ba ho qala; o ntoo bitswa motse wa ho loka, motse o tshepehang.


Ka lona letsatsi lena o se a tla fihla Nobe, mme ka letsoho la hae o tla supa thaba ya moradi wa Sione, leralla la Jerusalema.


A e lema, a tlosa majwe ho yona, a hloma merara e kgethilweng, a haha tora hara yona, a epela sehatelo teng; a tshepa hore e tla bea ditholwana tse monate, empa e beile tse babang.


Empa mehleng ya marena ao, Modimo wa lehodimo o tla hloma mmuso o ke keng wa senyeha ka ho sa yeng kae, mme borena ba wona bo ke ke ba fetela ho setjhaba se seng; o tla robaka o fedise mebuso eo kaofela, empa wona o tla ba teng ka ho sa feleng;


Empa bahalaledi ba Mookamedi ya phahameng ba tla amohela mmuso, ba o rue ka ho sa yeng kae.


Bapholosi ba tla nyolohela thabeng ya Sione, ho ahlola thaba ya Esau, mme mmuso e tla ba wa Jehova.


Ke tla o bokella, ke o bokelle ruri, wena Jakobo kaofela; ke tla phutha le ho phutha masala a Iseraele; ke tla ba bea hammoho jwaloka dinku tse hara lesaka, jwaloka mohlape o hara makgulo; e tla ba boiyane ba batho.


Ke tla tlosa makoloi hara Efraime, le dipere Jerusalema, seqha sa ntwa se fediswe. O tla bolela kgotso ho ditjhaba, a buse ho tloha lewatleng le leng ho isa lewatleng le leng, le ho tloha nokeng ho isa pheletsong tsa lefatshe.


Kgutlelang qhobosheaneng, lona batshwaruwa ba nang le tshepo! Kajeno lena, ke a bolela, ke re: Ke tla o buseletsa habedi.


Nyakalla haholo, moradi wa Sione, o tshele ditlatse, moradi wa Jerusalema! Bona, morena wa hao ke enwa; o tla ho wena; ke ya lokileng, ya nang le poloko, ke ya ikokobetsang, ya kaletseng esele, e leng petsana, namane ya esele e tshehadi.


ya tswang ho Jakobo o busa ka borena, mme o senya ba setseng metseng ya bona.


Utlwang setshwantsho se seng: Motho o ne a le teng, e leng monga ntlo, ya hlomileng tshimo ya merara; a e sireletsa ka motero, a tjheka sehatelo teng, a e hahela tora, mme a e laeletsa balemi, a ntoo eta.


Jwale, a qala ho bua le bona ka ditshwantsho, a re: Motho o ne a hlomile tshimo ya merara, a e sireletsa ka motero; a tjheka sehatelo teng, a haha tora, a e laeletsa balemi, a ntoo eta.


kahodima boholo bohle, le puso yohle, le matla wohle, le borena bohle, le mabitso wohle a ka bitswang, e seng lefatsheng lena feela, empa e leng le ho le tlang ho tla.


Bosiu ha bo sa tla hlola bo eba teng, mme ha ba sa hloka lesedi la lebone, leha e le la letsatsi; hobane Morena Modimo o tla ba bonesa, mme ba tla busa kamehla le mehla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos