ho fihlela Morena a ba lelekela hole le sefahleho sa hae, jwalokaha a ne a bolele ka bahlanka ba hae, e leng baporofeta. Ka mokgwa o jwalo, Baiseraele ba ntshwa naheng ya bona, ba iswa naheng ya Baasiria, moo ba ntseng ba le hona teng le kajeno-ya-bokajeno.
“Bana bohle ke ba neng ba etswa Tele-Mela, le Tele-Haresha, le Kerube, le Adone, le Imere. Empa ba ile ba sitwa ho bontsha hore malapa abo bona, le dihlooho tsa bona ke Baiseraele.
Moshe a laela bana ba Iseraele, a re: “Ena ke yona naha eo le tla e arolelana ka lotho, hore e be lefa la lona; eo Morena a laetseng hore e newe merabe e robong, le karolo e nngwe ya morabe wa Manase.
Nkgetheleng banna ba bararo morabeng o mong le o mong. Ke tla ba roma, mme ba tla ya, ba lekole naha eo, ba bone hore na e ka arolwa jwang hore e be lefa la merabe eo, ebe jwale ba kgutlela ho nna.