Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 9:3 - BIBELE

3 Se ke ke sa aha naheng ya Morena, Efraime yena o tla kgutlela Egepeta, tjhaba se je dijo tse sesila, se di jele Asiria.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ba ke ke ba hlola lefatsheng la Jehova; Efraime o tla kgutlela Egepeta, lefatsheng la Assiria ba tla ja tse ditshila.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 9:3
24 Referencias Cruzadas  

ke tla falatsa Baiseraele naheng eo ke ba neileng yona. Ntlo ena, eo ke e halaleditseng ho tlotla lebitso la ka, ke tla e furalla, mme Baiseraele e tla ba sesomo le pale hara ditjhaba tsohle.


Ka selemo sa borobong sa puso ya Hoshea, kgosi ya Asiria ya hapa motse wa Samaria. Ya thopa Baiseraele, ya ba isa naheng ya Asiria, ya ba bea Hala, le pela noka ya Habore, e Gosane, ya ba bea le metseng ya Bamede.


Ke tla ba otlela bokgopo ba bona le dibe tsa bona habedi, hobane ba silafaditse naha ena ya ka, ba e tlatsa dikoqo tse omeletseng tsa medimo ya bona ya bohata, e nyonyehang.”


Ke le tlisitse naheng e manoni, hore le je tholwana tsa yona le menate ya yona; empa ha le fihla le ile la e silafatsa, lefa la ka la le fetola manyala.


Ra ipea tlasa Egepeta le Asiria, re tle re tsebe ho fumana bohobe.


Morena a re: “Ka mokgwa o tjena bana ba Iseraele ba tla ja dijo tse silafaditsweng dinaheng tsa baditjhaba, tseo ke tla ba lelekela ho tsona.”


Daniele a qetela ka pelong hore a ke ke a itshilafatsa ka dijo tse jewang ke kgosi, leha e le ka veine e nowang ke yona kgosi. Ka baka leo, a kopa mookamedi wa bahlanka ba kgosi hore a mo dumelle ho se itshilafatse ka dijo le ka dino tseo.


Ba tla pakasela sa nonyana e fofa, ba pakasele ba etswa Egepeta, ba pakasele sa leeba ba etswa Asiria, ke ba ahise matlung a bona,” ho rialo Morena.


“Ba tla kgutla, ba kgutlele naheng ya Egepeta, ba buswe ke kgosi ya Asiria, hobane ba hanne ho kgutlela ho nna.


“Efraime ke leebanakgorwana, leebanakgorwana le sethoto, o ipiletsa ho Egepeta, a nto ya ho Asiria.


Ba ka seqha se kgwele e hlephileng, ha ba kgutlele ho Ya Hodimodimo. Mahosana a bona a tla bolawa ka sabole, a bolaelwe boikakaso ba dipuo tsa wona, a jewe tlepane naheng ya Egepeta.”


Ba nketsetsa dinyehelo, nyehelo tsa mahlabelo, ba itjella nama eo ya mahlabelo, empa ho nna Morena, ha a amohelehe. Ke tla hopola bokgopo ba bona, ke ba otlele dibe tsa bona, ke ba kgutlisetse naheng ya Egepeta.


Ha ba phasaphasa, ba baleha timelo, Egepeta e tla ba kgobokanya, e ba kgobokanye mmoho, Memefise yona ebe e a ba epela. Matlotlo a silefera a tla melella bobatsi, meutlwa e ririellane ka ditenteng tsa bona.


Haeba le lona le silafatsa naha ena, e tla le hlatsa jwalokaha e ile ya hlatsa ditjhaba tse neng di ahile ho yona pele ho lona.


“ ‘Le tla boloka melao yohle ya ka, le ditaelo tsohle tsa ka, mme le di phethe, hore naha eo ke le isang ho yona, hore le yo aha ho yona, e se ke ya le hlatsa.


“ ‘Naha e se ke ya rekisetswa ruri, hobane ke ya ka, lona le baeti le bajaki ho nna.


“Ka baka leo, Morena o bua tjena: “ ‘Mohatsa hao otla fetoha seotswa hara motse, bara le baradi ba hao ba bolawe ka sabole. Naha ya heno e tla arolelwa basele, wena o yo shwela naheng, naheng e silafetseng. Ruri Baiseraele ba tla thopuwa, ba thopelwe hole, hole le naha ya habo bona.’ ”


Emang, le tsamaye, le tlohe mona! Baka sena hase sa lona sa ho phomola, ka baka la hobane se silafetse, se senyehile, se ke ke sa hlola se loka.


Empa Petrose a re: “Tjhe, le kgale, Morena! Ha ke eso ka ke eja letho le ilehang, le sa hlwekang.”


“Jwalokaha Morena a ne a thabele ho le atlehisa, le ho le ngatafatsa, ka mokgwa o jwalo Morena o tla thabela ho le timetsa, mme le tla tloswa lefatsheng leo le yang ho lona hore e be la lona.


Morena o tla le kgutlisetsa Egepeta hape ka dikepe, ka tsela eo ke ileng ka bua ka yona ho lona, ka re: ‘Le ke ke la hlola le e bona hape.’ Teng le tla ithekisa ho dira tsa lona hore le be makgoba le makgabunyane, empa ha ho ya tla le reka.”


lehodimo le lefatshe ke dipaki tsa hore ruri le tla timela hanghang, naheng eo le tshelang Jorodane le eya ho yona, hore e be ya lona. Le ke ke la phela halelele naheng eo; le tla timetswa ho hang.


Jwalokaha dintho tsohle tse molemo, tseo Morena Modimo wa lona, a neng a le tshepisitse tsona, di ile tsa phethahala, ka mokgwa o jwalo Morena o tla le tlisetsa tsohle tse mpe, ho fihlela a le timetsa naheng ena e ntle, eo Morena Modimo wa lona, a le neileng yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos