Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 9:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ba ke ke ba hlola lefatsheng la Jehova; Efraime o tla kgutlela Egepeta, lefatsheng la Assiria ba tla ja tse ditshila.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Se ke ke sa aha naheng ya Morena, Efraime yena o tla kgutlela Egepeta, tjhaba se je dijo tse sesila, se di jele Asiria.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 9:3
24 Referencias Cruzadas  

teng ke tla kumola Baiseraele naheng eo ke ba neileng yona, le ntlo eo ke e kgethetseng lebitso la ka ke tla e lahlela hole le nna, mme Iseraele e tla ba tshomo le sesomo ditjhabeng tsohle.


Ka selemo sa boroba mono o le mong sa Osea, morena wa Assiria a kena Samaria, a isa Baiseraele kgolehong Assiria, a ba bea Hala, le Habore, le pela noka ya Gosane, le metseng ya Bamede.


Pele, ke tla ba lefetsa bokgopo ba bona le sebe sa bona habedi, hobane ba hlile ba silafaditse lefatshe la ka, ba tlatsitse lefa la ka ka ditopo tsa mahlabelo a bona a ditshila le a manyala.


Ke le tlisitse lefatsheng la nala, hore le tle le je ditholwana tsa lona le monono wa lona; le ile la kena, mme le silafaditse lefatshe la ka, le lefa la ka le le entse manyala.


Re otlolletse matsoho a rona ho Baegepeta le ho Baassiria ho bona bohobe.


Jehova o re: Bana ba Iseraele ba tla ja bohobe ba bona bo silafetse jwalo hara ditjhaba tseo ke tla ba lelekisetsa hara tsona.


Jwale, Daniele a rera pelong ya hae hore a ke ke a itshilafatsa ka dijo tse hlabosang tsa morena, leha e le ka veine e nowang ke yena, mme a kopa ho hlooho ya matona hore a leswe hore a se ke a itshela ditshila.


Ba tla itlhahanela jwaloka nonyana, ba etswa Egepeta, le jwaloka leeba, ba etswa lefatsheng la Assiria; mme ke tla ba ahisa matlung a bona, ho bolela Jehova.


Efraime a ke ke a kgutlela Egepeta, o tla buswa ke Assiria; hobane ba hanne ho kgutlela ho nna.


Efraime o jwaloka leeba le sethoto; ha a na kelello. Ba bitsa Baegepeta, ba romela ho Baassiria.


Ba kgutla, empa e seng ho ya ho Ya hodimo. Ba jwaloka seqha se sa tshepeheng. Marena a bona a tla dihuwa ke lerumo ka baka la boithoriso ba maleme a wona. Ba tla songwa kahoo lefatsheng la Egepeta.


Ba re, ba etsa mahlabelo e be diabo tsa ka; tjhe, ba hlaba ho ja nama feela; Jehova ha a kgahlwe ke bona. Jwale, o tla hopola bokgopo ba bona, a kgalemele dibe tsa bona; bona ba tla kgutlela Egepeta.


Hobane ba se ba tla falla ka baka la tshenyeho, Egepeta o tla ba bokella, Memfise a ba epele. Ntho tse ntle tsa bona tsa silefera di tla apeswa ke bobatsi, meutlwa e mele matlung a bona.


Iponeleng hore naha e se ke ya le hlatsa, ha le e silafatsa, jwalokaha e hlatsitse ditjhaba tse neng di le ho yona pele.


Le tla boloka melao yohle ya ka, le ditaelo tsa ka kaofela, le ye ka tsona, hore naha eo ke le isang ho yona ho aha teng e se ke ya le hlatsa.


Masimo a se ke a rekiswa ka ho ela ruri, hobane naha ke ya ka, etswe lona le le baditjhaba, le ba ikaheletseng ha ka.


ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Mosadi wa hao o tla betwa hara motse, bara ba hao le baradi ba hao ba dihuwe ke lerumo; naha ya hao e tla arolwa ka kgwele, wena o tla shwa lefatsheng le ditshila, mme Iseraele o tla iswa kgolehong, a ntshwe lefatsheng la hae.


Tsohang, le tsamaye! hobane mona hase moo le ka phomolang teng ka baka la ditshila tse hlahisang tshenyeho, tshenyeho e tshabehang.


Empa Petrose a re: Ho se be jwalo, Morena; hobane ha ke eso ho je ntho e ditshila, leha e le e sa hlwekang.


Jwalokaha Jehova a ne a le thabela ka ho le etsetsa molemo, le ka ho le atisa, le hona Jehova o tla thabela jwalo ho le fedisa, le ho le timeletsa; mme le tla fotholwa lefatsheng leo o yang ho le rua.


Jehova o tla o busetsa Egepeta ka dikepe, o boele o tsamaye tseleng eo ke neng ke itse ho wena: O ke ke wa boela wa e bona. Mme teng le tla ithekisa ho dira tsa lona, le be bafo ba batona le ba batshehadi; empa ho tla hlokwa ya le rekang.


kajeno ke le biletsa lehodimo le lefatshe hore e be dipaki tsa hore le tla timela, le timele kapele lefatsheng leo le tla kena ho lona ka ho tshela Jordane, ho ya le rua. Le ke ke la atisa ditshiu tsa lona teng, empa le tla timeletswa ruri.


Ka baka lena, jwalokaha ntho tsohle tse molemo tseo Jehova, Modimo wa lona, a neng a le baletse tsona, di le hlahetse, ka mokgwa o jwalo, Jehova o tla le hlahisetsa le ntho tsohle tse mpe, a be a le timetse lefatsheng lena le molemo leo Jehova, Modimo wa lona, a le fileng lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos