Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 9:4 - BIBELE

4 Ha se ka ke sa etsetsa Morena nyehelo tsa veine, mahlabelo a sona ha a amohelehe ho yena, ho sona a tla ka dijo tsa bofifi, bohle ba di jang ba tla silafala. Dijo tsa bona di tla itjellwa ke bona feela, di ke ke tsa kenngwa ka Tempeleng ya Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ha ba sa tla tshella Jehova veine, mahlabelo a bona ha a sa tla mo kgahla, bohobe ba bona bo tla ba ho bona jwaloka bohobe ba bofifi, bohle ba bo jang ba fetohe ditshila, hobane bohobe ba bona e tla ba ba bona feela, bo ke ke ba kena tlung ya Jehova.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 9:4
33 Referencias Cruzadas  

Ha o nyehela ka konyana ya pele, o be o nyehele le ka phofo e thumisehileng e etsang boima ba kilo e le nngwe e dubilweng ka lethara e le nngwe ya ole ya mohlwaare; o nyehele le ka lethara e le nngwe ya veine.


Hodima yona a hlopha bohobe bo bewang kapele ho Morena, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.


Majwe a boreledi, a dinokana, ke yona medimo ya lona, e, efela e le yona kabelo ya lona. Medingwana ena le e etsetsa nyehelo ya dino, le bile le e etsetsa le nyehelo ya dijo. Ebe na tse tjee di ka nthabisa?


Empa ya etsang mahlabelo ka poho, o tshwana le mmolai wa motho; ya etsang nyehelo ka konyana, o tshwana le ya robang ntja molala; ya etsang nyehelo ka dijo, o tshwana le ya nyehelang ka madi a kolobe; ya tjhesang mokubetso ho etsa kgopotso, o tshwana le ya kgumamelang modimo wa bohata. E, ba ikgethetse tsela tsa bona, meya ya bona e thabela manyala a bona.


Ha ho ya tla fepa le ho tshedisa ya llelang bafu, leha e le ya llelang ntatae kapa mmae. Ha ho ya tla ba nea ho nowang ho ba tshedisa.


Mokubetso o tswang Sheba o ntlisetsa molemo ofe? Wa ntshwe e tswang naheng tse hole wona ke ofe? Nyehelo tsa lona tsa setjheso ha di amohelehe, le mahlabelo a lona ha a nthabise.”


O fehelwe o ntse o kgutsitse, o se ke wa llela bafu. O nne o rwale moqhaka wa hao hloohong ya hao, le meqathatso ya hao maotong, o se ke wa kwahela ditedu tsa hao kapa wa ja dijo tse etseditsweng ba bofifing.”


Le tla etsa kamoo ke entseng kateng. Le se ke la kwahela ditedu tsa lona, leha e le ho ja dijo tse etseditsweng ba bofifing.


Daniele a qetela ka pelong hore a ke ke a itshilafatsa ka dijo tse jewang ke kgosi, leha e le ka veine e nowang ke yona kgosi. Ka baka leo, a kopa mookamedi wa bahlanka ba kgosi hore a mo dumelle ho se itshilafatse ka dijo le ka dino tseo.


Bana ba Iseraele le bona ba tla qeta nako e telele ba se na kgosi kapa kgosana; ba se na sehlabelo kapa sefika seo ba se kgumamelang, ba se na setipe kapa medingwana ya lelapa.


Ba ka seqha se kgwele e hlephileng, ha ba kgutlele ho Ya Hodimodimo. Mahosana a bona a tla bolawa ka sabole, a bolaelwe boikakaso ba dipuo tsa wona, a jewe tlepane naheng ya Egepeta.”


Ba nketsetsa dinyehelo, nyehelo tsa mahlabelo, ba itjella nama eo ya mahlabelo, empa ho nna Morena, ha a amohelehe. Ke tla hopola bokgopo ba bona, ke ba otlele dibe tsa bona, ke ba kgutlisetse naheng ya Egepeta.


Lona baprista, aparang tse mahwashe, le lle! Lona basebeletsi ba aletare, bokollang! Tloong, le lale le apere, le apere tse mahwashe, lona basebeletsi ba Modimo wa ka, hoba nyehelo ya dijo le ya dino e fedisitswe ka Tempeleng, ka Tempeleng ya Modimo wa lona.


Nyehelo ya dijo le ya dino e fedisitswe ka Tempeleng, ka Tempeleng ya Morena. Baprista ba aparetswe ke bofifi, bona baprista ba sebeletsang Morena.


Mohlomong Morena a ka nna a hauha, a boela a le hlohonolofatsa, a le fa dijo le dino tsa ho nyehella Morena, Morena Modimo wa lona.


Kahobane bophelo ba ntho bo mading, madi ana ke le neile wona hore le iketsetse tefelo ya sebe ka wona aletareng; ke madi a etsetsang motho tefelo ya sebe.


“Bua ho Arone, o re: ‘Hara ditloholo tsa hao, melokong yohle ya tsona, ho se be monna ya nang le sepha, ya tla etsa nyehelo ya dijo tsa Modimo wa hae.


Monna e mong le e mong wa leloko la moprista Arone, ya nang le sepha, a se ke a atamela ho etsa nyehelo ya setjheso ya Morena. O na le sepha, mme a se ke atamela ho nyehela ka dijo tsa Modimo wa hae.


Ba tla halalela ho Modimo wa bona, mme ba se ke ba silafatsa lebitso la Modimo wa bona. Kahobane ke bona ba etsang nyehelo ya setjheso ya Morena, e leng dijo tsa Modimo, tseo ba nyehelang ka tsona, ba lokela ho halalela.


O mo tsebe a halalela, hobane ke yena ya nyehellang Modimo wa hao ka dijo. O tla halalela ho wena, hobane nna, Morena ya o halaletsang, ke a halalela.


Leha le ka nketsetsa dinyehelo tsa setjheso, la ntlisetsa le dinyehelo tsa dijo, tsena nke ke be ka di amohela. Leha le ka nketsetsa dinyehelo tsa teboho, la nketsetsa tsona ka dinonneng tsa lona, le tsona nke ke be ka di tadima.


Hapehape le etsa tjena: Le a lla, le a bokolla, le kolobisa aletare ya Morena wa mabotho ka dikgapha, hobane Morena a hana ho tadima dinyehelo tsena, leha e le ho amohela dimpho tseo le mo etsetsang tsona.


“Mang kapa mang ya amang setopo sa motho ofe kapa ofe, o tla dula a le sesila ka matsatsi a supileng.


“Laela bana ba Iseraele, mme o re ho bona: ‘Le hlokomele hore ka dinako tse beilweng le nketsetse nyehelo ya ka ya setjheso sa dijo, e le nyehelo e monko o monate, e amohelehang.’ ”


“Hodima tafole e beang bohobe bo halalelang, ba ale lesela le leputswa, mme hodima lona ba bee mafiso, le mafiswana le mepotjwana, le dinwelo tse sebediswang ha ho nyehelwa. Bohobe ba nyehelo bo be hodima tafole.


Ke nna bohobe bo phelang, bo theohileng lehodimong; ha motho a ka ja bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng, mme bohobe boo ke tla fana ka bona ka baka la bophelo ba lefatshe, ke nama ya ka.”


Ha ke a ja letho la tsona ha ke ntse ke le bofifing; kapa ka tlosa letho la tsona ha ke ntse ke le sesila; kapa ka nyehella bafu ka tsona. Ke mametse lentswe la Morena Modimo wa ka. Ke entse tsohle ho ya kamoo o ntaetseng kateng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos