Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mikea 2:4 - BIBELE

4 Mohla tsatsi leo ba tla le soma, ba le binele kodi-ya-malla ba re: ‘Re fela re faladitswe, Morena o re amohile naha ya rona, a e abela bathopi ba rona.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ka tsatsi leo, ho tla etswa pina ya sesomo hodima lona, ho binwe le pina ya mahlomola e reng: Ho fedile! Re sentswe, re sentswe ruri. Jehova o nea ba bang lefa la setjhaba sa heso! O nkamoha lona jwang? O arolela bahedene masimo a rona!

Ver Capítulo Copiar




Mikea 2:4
35 Referencias Cruzadas  

Jwale Davida a bina kodi-ya-malla ena e llelang Saule le mora wa hae Jonathane.


Jeremia a qapela Josiya kodi-ya-malla, mme ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, dibini tsohle tsa banna le tsa basadi di ntse di bua ka Josiya ha di bina kodi-ya-malla eo, mme hona ya eba molao naheng ya Iseraele. Tsena di ngotswe Bukeng ya Kodi-ya-malla.


Jobo a tswela pele ka puo ya hae, a re:


le tle le bine pina ena e somang kgosi ya Babilona: “Bonang kamoo mohatelli a weleng kateng! Bonang kamoo kgalefo ya hae e fedileng kateng!


Fatshe le tla falatswa kahohlehohle, tsohle tsa lona le di amohuwe, hobane Morena o buile jwalo.


Yaba ke re: “Morena, e tla ba ho fihlela neng?” Morena a araba, a re: “Ho fihlela metse e fetoha dithako, e sala e se na baahi, matlo a sala a le feela, naha e senngwa, e fetoha nahathothe;


Ha ke tsamaya ke kena hara naha, ke bona ba bolailweng ka sabole! Ha ke re ke kena kahara motse, ke bona ba bolailweng ke sekoboto! Moporofeta le moprista ka ho tshwana ba lelera hara naha ba sa e tsebe.’ ”


Sera se subuhlellana sa maru a phethesela, kariki tsa sona tsa ntwa di tla sa setsokotsane, belo la pere tsa sona le feta la ntsu. A rona bale! Re timetse ruri!


Matlo a bona a tla abelwa basele, ho ajwe masimo, le basadi ba bona ka ho tshwana, ha ke otlollela tsoho la ka ho baahi ba naha ena,” ho rialo Morena.


Kahoo basadi ba bona ke tla ba nea banna basele, masimo a bona ke a nee ba ba hlotseng; ho tloha ho e monyenyane ho isa ho e moholo, bohle ba labalabela qhoqha, baporofeta le baprista ka ho tshwana, kaofela ha bona ba phela ka bolotsana.


“Ke tla llela dithaba, ke di hlomohele, makgulo a lehwatata ke a binele kodi-ya-malla, ke a binele hobane a omeletse hoo ho wona ho seng le mofeta-ka-tsela. Motho ha a ka ke a utlwa kgomo e bohla, nonyana tsa lehodimo di balehile, phoofolo tsa naha le tsona di itahlile!


Ke tla ba qhalanyetsa hara baditjhaba, bao batho bana, esita le bo-ntata bona, ba sa kang ba ba tseba. Ke tla ba fekefa ka sabole ho fihlela ke ba timetsa.”


“ ‘Motho ka mong ya sebedisang maele, ha a bua ka wena Jerusalema, o tla sebedisa maele a reng: “Ngwana tadi o tsejwa ka mereto.”


eo le ileng la e phetla kapele ho nna. Ka mahlakoreng a yona a mabedi ho ne ho ngotswe mantswe a kodi-ya-malla, a bofifi le a bomadimabe.


Lona baprista, aparang tse mahwashe, le lle! Lona basebeletsi ba aletare, bokollang! Tloong, le lale le apere, le apere tse mahwashe, lona basebeletsi ba Modimo wa ka, hoba nyehelo ya dijo le ya dino e fedisitswe ka Tempeleng, ka Tempeleng ya Modimo wa lona.


Bokollang sa ngwetsana e apere tse mahwashe, e bokollela mohatsa yona wa matswathaka.


Lona ba ntlo ya Iseraele, mamelang! Ena ke kodi-ya-malla eo ke e binelang lona:


Masimong wohle a morara ho tla lluwa, hoba ke tla feta kahara lona,” ho rialo Morena.


Lona baahi ba Maresha ke tla le neella ka seqhobane, eo e leng tlotla ya Iseraele o tla tla, o tla tla lehaheng la Adulame.


Yaba Mmikiya o re: “Kahoo ke tla lla, ke bokolle, ke tsamaye ke hlobotse, maotong ke sa rwala; ke tla ngaya sa phokojwe ha e ngaya, ke purume sa mpshe ha e puruma.


Emang, le tsamaye, le tlohe mona! Baka sena hase sa lona sa ho phomola, ka baka la hobane se silafetse, se senyehile, se ke ke sa hlola se loka.


“Kaofela ha bona ba tla mo nyedisa, ba mo nyahanye, ba mo nyefole, ba re: ‘Ho madimabe ya ipokellelang tsa boshodu, ya ithuisang ka ho hanyapetsa batho! Hoo ho tla ba jwalo ho fihlela neng?’


“Tsohle tse lefatsheng ke tla di fedisa,” ho rialo Morena.


Bileame a boela a porofeta, a re: “Tsoha Balake, o mamele! Ntshekehele tsebe, mora wa Sipore.


Bileame a porofeta, a re: “Balake, kgosi ya Moabe, e tswang thabeng tsa botjhabela, o ntlisitse kwano ke etswa Arame. ‘Tloo o nthohakele Jakobo! Tloo o halefele Baiseraele.’


Bileame a porofeta, a re: “Bileame, mora wa Beore, o porofeta tjena, monna ya mahlo a tjhatsi o a porofeta,


mme a porofeta, a re: “Bileame, mora wa Beore, o porofeta tjena, ho porofeta monna ya mahlo a tjhatsi,


Jwale ba batla ho mo tshwara, ba mpa ba tshaba letshwele, hobane ba ne ba utlwisisa hore ka setshwantsho sena o bolela bona. Ba mo tlohela, ba ikela.


O tla phopholetsa e le motsheare, jwalokaha sefofo se phopholetsa lefifing, mme ha ho letho leo o tla atleha ho lona. O tla hatellwa, o amohuwe tsa hao kamehla, empa ha ho ya tla o namolela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos