16 Morena a bua ho Moshe, a re:
16 Jehova a bua le Moshe, a re:
Kahoo kahara phutheho, phutheho ya Morena, ha ho na ho ba le motho le ya mong ya tla le arolela naha ka lotho.
Merabe ena e mmedi, le karolo ya morabe wa Manase, yona e se e neilwe lefa la yona ka kwano ho Jorodane, malebana le Jeriko, ka botjhabela.”
“Ana ke mabitso a banna ba tla le arolela naha, hore e be lefa la lona: moprista Eleasare le Joshua, mora wa Nune.
Tsena ke dinaha tseo bana ba Iseraele ba ileng ba di ja lefa naheng ya Kanana. Ba ne ba di abelwe ke moprista Eleasare, le Joshua mora wa Nune, le dihlooho tsa malapa a merabe ya bana ba Iseraele.
Joshua a ba abela yona ka lotho, a le Shilo, kapele ho Morena. Joshua a arolela bana ba Iseraele naha eo, ho ya ka merabe ya bona.