Morena o tutubolla mahlo a difofu. Morena o phahamisa ba kgokgopaneng; Morena o rata ba lokileng.
Mattheu 9:30 - BIBELE Yaba mahlo a tsona a a bona. Jesu a di laya, a re: “Hlokomelang, ho se be motho ya ka tsebang!” Sesotho 1909/1961 (SO) Mahlo a tsona a tutuboloha; mme Jesu a di laya haholo, a re: Iponeleng, hore taba eo e se ke ya tsejwa ke motho. Baasraak Sotho NT Mahlo a bona a tutuboloha; mme Jesu a ba laela haholo, a re: Iponeleng, hore ho se ke ha tsejwa ke motho. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mahlo a bona a tutuboloha; mme Jesu a ba laela haholo, a re: Iponeleng, hore ho se ke ha tsejwa ke motho. |
Morena o tutubolla mahlo a difofu. Morena o phahamisa ba kgokgopaneng; Morena o rata ba lokileng.
O tla tutubolla mahlo a difofu, o lokolle batshwaruwa, o ba lokolle ditjhankaneng, o lokolle ba dutseng lefifing la tjhankana.
Bonang, mohlanka wa ka o tla atleha, o tla tlotlwa, a thoholetswe, a phahamisetswe tulong tse hodimo.
Yare ha ba ntse ba theoha thabeng, Jesu a ba laya, a re: “Le se ke la bolella motho ka pono ena, ho fihlela ha Mora Motho a se a tsositswe bafung.”
Jesu a re ho yena: “Hlokomela o se bolelle motho, o mpe o yo itlhahisa ho moprista, o ntshe nyehelo e laetsweng ke Moshe, hore e be bopaki ho bona.”
A ba laya ka thata hore ho se be motho ya tsebang hona, yaba o re ba fe ngwanana seo a ka se jang.
Jesu a mo laela ho se bolelle motho, a re: “O mpe o yo itlhahisa ho moprista, o nyehelle tlhwekiso ya hao kamoo Moshe a laetseng kateng, e be bopaki ho bona.”