Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Mareka 5:43 - BIBELE

43 A ba laya ka thata hore ho se be motho ya tsebang hona, yaba o re ba fe ngwanana seo a ka se jang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

43 Jesu a ba laya haholo, hore ho se ke ha tseba motho; a ntoo re, ba fe ngwanana dijo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

43 A ba laela haholo hore ho se be motho ya tsebang; mme a laela hore a newe dijo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

43 A ba laela haholo hore ho se be motho ya tsebang; mme a laela hore a newe dijo.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 5:43
15 Referencias Cruzadas  

Yare ha ba ntse ba theoha thabeng, Jesu a ba laya, a re: “Le se ke la bolella motho ka pono ena, ho fihlela ha Mora Motho a se a tsositswe bafung.”


Jesu a re ho yena: “Hlokomela o se bolelle motho, o mpe o yo itlhahisa ho moprista, o ntshe nyehelo e laetsweng ke Moshe, hore e be bopaki ho bona.”


Yaba mahlo a tsona a a bona. Jesu a di laya, a re: “Hlokomelang, ho se be motho ya ka tsebang!”


Jesu a mo laya ka thata, a nto re a tlohe hanghang,


Empa a e laya ka thata hore e se ke ya etsa hore a tsejwe.


Hanghang ngwanana a ema, a tsamaya. O ne a le dilemo tse leshome le metso e mmedi. Kapelepele ba hlollwa ho qeta.


Jesu a ba laya ho se bolelle motho, empa leha a ba laile, ba tswela pele ho phatlalatsa taba eo.


Ha ba ntse ba theoha thabeng, Jesu a ba laya hore ba se ke ba phetela motho tseo ba di boneng, haese ha Mora Motho a se a tsohile bafung.


Eitse ha a le dijong le bona, a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, a ba nea bona.


Jesu a mo laela ho se bolelle motho, a re: “O mpe o yo itlhahisa ho moprista, o nyehelle tlhwekiso ya hao kamoo Moshe a laetseng kateng, e be bopaki ho bona.”


Batswadi ba hae ba hlollwa; a mpa a ba laya ho se bolelle motho se etsahetseng.


“Ha ke amohele tlotla ho batho,


e seng ho batho bohle, empa ho dipaki tse kgethilweng ke Modimo e sa le pele, e leng rona ba ileng ba eja, ba enwa le yena kamora ho tsoha ha hae bafung.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos