mme ya nyefolang lebitso la Morena, ruri o tla bolawa. Setjhaba sohle se tla mo tlepetsa ka majwe e le kannete. Motho e ka ba mojaki kapa letswallwa la naha, ha a nyefola lebitso la Morena o tla bolawa.
Mattheu 9:3 - BIBELE Yaba Ditsebi tse ding tsa Molao di re ka dipelong tsa tsona: “Enwa o a nyefola!” Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba ba bang ho bangodi ba re ka ho bona: Enwa o a nyefola. Baasraak Sotho NT Mme bonang, ba bang ba bangodi ba re ka ho bona: Motho enwa o nyefola. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme bonang, ba bang ba bangodi ba re ka ho bona: Motho enwa o nyefola. |
mme ya nyefolang lebitso la Morena, ruri o tla bolawa. Setjhaba sohle se tla mo tlepetsa ka majwe e le kannete. Motho e ka ba mojaki kapa letswallwa la naha, ha a nyefola lebitso la Morena o tla bolawa.
“ ‘Empa motho ya tlolang molao ka boomo, e ka ba letswallwa la naha kapa mojaki, eo o nyefola Morena, mme o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.
Yaba Moprista e Moholo o hahola diaparo tsa hae, o re: “O nyefotse, re sa hlokelang dipaki? Jwale le ikutlwetse nyefolo.
hobane o ne a ruta jwaloka ya nang le matla, e seng jwaloka Ditsebi tsa Molao tsa bona.
Le ikutlwetse nyefolo! Le bona jwang?” Bohle ba mo ahlola ka ho re o tshwanelwa ke lefu.
“Kannete ke le bolella hore bana ba batho ba tla tshwarelwa dibe tsohle le dinyefolo tsohle tseo ba di buang,
empa mang kapa mang ya nyefolang Moya o Halalelang a ke ke a tshwarelwa ho isa kgale; o molato wa sebe se sa feleng,”
hobane ke kahare, dipelong tsa batho, moo ho tswang mehopolo e mebe: bohlola, boshodu, dipolao,
Yaba Ditsebi tsa Molao le Bafarisi ba qala ho buisana, ba re: “Eo ke mang ya nyefolang? Ke mang ya ka tsebang ho tshwarela dibe, haese Modimo a nnotshi na?”