Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 15:30 - BIBELE

30 “ ‘Empa motho ya tlolang molao ka boomo, e ka ba letswallwa la naha kapa mojaki, eo o nyefola Morena, mme o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Empa motho ya etsang ka boomo, kapa e leng ya tswaletsweng ha eno, kapa e leng moditjhaba, yena o hobosa Jehova; motho eo o tla tloswa setjhabeng sa hae.

Ver Capítulo Copiar




Numere 15:30
30 Referencias Cruzadas  

Motho wa leqai, ya sa bolotswang ka ho pongwa leeko, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo, hobane o sentse selekane sa ka.”


Ba kgopo ba ke ke ba bona lesedi, matla a bona a tla fediswa.


Empa ke mang ya ka elellwang diphoso tsa hae? Ako ntokolle ho tseo ke sa di tsebeng.


Ke fetohile moditjhaba ho bana beso, ke se ke le ya sa tsejweng ke baeso.


Morena, ako hopole kamoo sera se o nyefolang kateng, kamoo setjhaba sa dithoto se nyedisang lebitso la hao kateng.


Tsoha Modimo, o itwanele, hopola hore sethoto se a o nyefola, se o nyefola ka matsatsi wohle.


Morena, bao re ahisaneng le bona o ke o ba buseletse hasupa dinyefolo tseo ba o nyefotseng ka tsona.


Ako hopole ho hlapaolwa ha bahlanka ba hao, Morena! Ke jere dinyediso tse ngata tsa ditjhaba ka sefubeng sa ka.


Empa ha e mong a tsohela motho e mong matla ka boomo, mme a mmolaya ka bolotsana, leha a ka balehela aletareng ya ka, o tla mo tlosa, a yo bolawa.


Motho ya ka etsang e jwaloka yona, kapa a e nea motho eo e seng moprista, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.’ ”


Ya hatellang mofutsana o nyedisa Mmopi wa hae, empa ya mo hauhelang yena o tlotla Modimo.


“Ka baka lena, wena ngwana motho, bolella setjhaba sa Iseraele, o re ho sona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Bo-ntata lona ba ile ba nnyefola, ba mphuralla.


“ ‘Haeba monna ofe kapa ofe a feba le mosadi wa monna e mong, bobedi ba batho bao ba febang ba tla bolawa.


Le nna ke tla halefela motho eo, mme ke mo kgaole setjhabeng sa habo, hobane a neile Moloke bana ba hae, hore a silafatse Sehalalelo sa ka, le ho nyedisa lebitso la ka le halalelang.


“ ‘Motho ya batlang thuso ya mathuela, kapa ya dinohe, ya mathang kamora tsona, ke tla mo halefela, mme ke mo kgaole setjhabeng sa habo.


Ho ya etsang sebe e se ka morero, ho tla ba le molao o le mong ho letswallwa la naha, le ho mojaki ya jakileng hara lona.


Empa ha motho a hlwekile, a bile a se leetong, feela a sa etse mokete wa Paseka, motho eo o tla kgaolwa setjhabeng sa habo, hobane ha a a ka a etsetsa Morena mokete wa Paseka ka nako ya wona. Motho eo a tla jara sebe seo sa hae.


Mang kapa mang ya buang se lwantshang Mora Motho o tla tshwarelwa, empa mang kapa mang ya buang se lwantshang Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa mehleng ena, leha e le mehleng e tlang.”


“Ke ile ka bua ho lona, empa ha le a ka la mamela. Le ile la fetohela taelo ya Morena, la ikakasa, mme la nyolohela naheng e maralla.


hoja ha ke tswafe ho thabisa sera, sa tshoha se ithorisa, se re: Ke ka matsoho a rona re ba hlotseng, hase Morena ya entseng tsena tsohle.’


Ha re etsa dibe ka boomo, empa re se re fumane tsebo ya nnete, ha ho sa na sehlabelo se ka tlosang dibe tseo;


Ha le nahana, kotlo e tla ba boima hakaakang, e lokelang ya hataketseng Mora wa Modimo, ya tlontlolotseng madi a selekane ao a hlwekisitsweng ka wona, ya nyefotseng Moya wa Modimo o mohau!


haholoholo ba buswang ke ditakatso tse ditshila tsa nama, ba nyefolang borena ba Modimo. Ke ba itshepang, ba ikgopolang, ba sa tshabeng ho nyefola mangeloi a tlotlehang;


Ha motho a bona ngwanabo a etsa sebe se sa bolayeng, a mo rapelle, mme Modimo o tla mo fa bophelo. Ke bua ka ba etsang sebe se sa bolayeng. Sebe se teng se bolayang; hase seo ke reng motho a rapelle ngwanabo ka baka la sona.


Ha motho a sitelwa motho e mong, Modimo o tla mo ahlola, empa haeba motho a ka sitelwa Morena, ke mang ya tla mmuella?” Leha ho le jwalo ba se ke ba mamela ntata bona, hobane Morena o ne a rerile ho ba bolaya.


Ka baka leo, ke hlapanyeditse ntlo ya Eli hore bokgopo ba ntlo ena ya hae bo ke ke ba lefellwa ka sehlabelo kapa nyehelo kamehla yohle.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos