Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 5:21 - BIBELE

21 Yaba Ditsebi tsa Molao le Bafarisi ba qala ho buisana, ba re: “Eo ke mang ya nyefolang? Ke mang ya ka tsebang ho tshwarela dibe, haese Modimo a nnotshi na?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Bangodi le bafarisi ba qala ho bolela dipelong tsa bona, ba re: Enwa ke mang, ya bolelang dinyefolo? Ke mang ya nang le matla a ho tshwarela dibe, haese Modimo o nnotshi?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

21 Yaba bangodi le bafarisi ba qala ho nahana, ba re: Enwa ke mang ya bolelang dinyefolo? Ke mang ya ka tshwarelang dibe, haese Modimo feela?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Yaba bangodi le bafarisi ba qala ho nahana, ba re: Enwa ke mang ya bolelang dinyefolo? Ke mang ya ka tshwarelang dibe, haese Modimo feela?

Ver Capítulo Copiar




Luka 5:21
23 Referencias Cruzadas  

Ke yena ya o tshwarelang melato ya hao kaofela, ke yena ya o fodisang mahlokong a hao kaofela.


Empa wena o a re tshwarela, e le hore re tle re o hlomphe.


Ka ba ka ipolela sebe sa ka ho wena, ka se ke ka pata molato wa ka; ka re: “Ke tla ipolela ditlolo tsa ka ho Morena;” wena wa ntshwarela molato wa sebe sa ka.


Ba ke ba tshwane le mmoko, mmoko o fefolwang ke moya, ha lengeloi la Morena le ba kgarametsa.


“Tloong re lokise ditaba,” ho rialo Morena. “Leha dibe tsa lona di ka ba kgubedu, di tla sweufala jwaloka lehlwa; leha di ka ba kgubedu tlere! di tla sweufala jwaloka boya.


Nna, nna ke inotshi, ke hlakola ditshito tsa hao, ke di hlakola ka baka la ka, ha ke sa hlola ke hopola dibe tsa hao.


Ke hlakotse tshito tsa hao jwaloka leru, ka hlakola dibe tsa hao jwaloka mohodi, kgutlela ho nna, hobane ke o lopolotse.”


Oho, Morena, ako re mamele! Oho, Morena, ako re tshwarele! Oho, Morena, ako re utlwe, mme o phethe jwalo! Ka baka la hao feela, wena Modimo wa ka, o se ke wa dieha, hobane motse wa hao o bitswa ka lebitso la hao, le setjhaba sa hao se bitswa ka lebitso la hao.”


Morena Modimo wa rona yena o mohau, o a tshwarela, leha rona re mo fetohetse.


mme ya nyefolang lebitso la Morena, ruri o tla bolawa. Setjhaba sohle se tla mo tlepetsa ka majwe e le kannete. Motho e ka ba mojaki kapa letswallwa la naha, ha a nyefola lebitso la Morena o tla bolawa.


O tla boela o re utlwela bohloko, makgopo a rona o a hatakella fatshe, dibe tsa rona o di lahlela botebong ba lewatle.


Yaba Moprista e Moholo o hahola diaparo tsa hae, o re: “O nyefotse, re sa hlokelang dipaki? Jwale le ikutlwetse nyefolo.


Yaba Ditsebi tse ding tsa Molao di re ka dipelong tsa tsona: “Enwa o a nyefola!”


Behang ditholwana tse lokelang pako he, mme le se ke la qala ho re ka ho lona: ‘Re na le ntata rona, Aborahama,’ hobane ke a le bolella, ke re: Modimo a ka hlahisetsa Aborahama bana le ka majwe ana.


Ka le leng la matsatsi ao, ha Jesu a ntse a ruta, Bafarisi le baruti ba Molao ba tswang motseng o mong le o mong wa Galelea, Judea le Jerusalema, ba ne ba dutse moo. Matla a Morena a ho fodisa a ba teng ho yena.


Empa Jesu, ka ho tseba mehopolo ya bona, a ba araba, a re: “Le hopolang ka dipelong tsa lona?


Ba dutseng le yena ba qala ho re ka dipelong tsa bona: “Enwa ke mang, ya tshwarelang le dibe?”


Bajuda ba araba, ba re: “Ha re o tlepeletse mosebetsi o molemo, empa re o tlepeletsa nyefolo, le kahobane ere o le motho, o iketsa Modimo.”


Ke mang ya tla qosa bakgethwa ba Modimo, athe Modimo o a ba lokafatsa?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos