Kgosi ya re: “Taba ya ka le lona ke efe, lona bara ba Seruya? Mo tloheleng a nne a hlapaolane, hobane Morena o itse ho yena: ‘Hlapaola Davida!’ Jwale ke mang ya ka reng ho yena: ‘Ke hobaneng ha o etsa tjee?’ ”
Mattheu 8:29 - BIBELE Ba ne ba howa, ba re: “O re kene kang, Mora wa Modimo? Na o tlile kwano ho re hlokofatsa pele ho nako?” Sesotho 1909/1961 (SO) Ba howa, ba re: Taba ya rona le wena keng, Mora wa Modimo? Na o tlile mona ho re hlokofatsa, e eso ho be nako ya teng na? Baasraak Sotho NT Mme bonang, ba howa, ba re: Re na le taba efe le wena, Mora Modimo? A o tlile kwano ho tla re hlokofatsa pele ho nako? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme bonang, ba howa, ba re: Re na le taba efe le wena, Mora Modimo? A o tlile kwano ho tla re hlokofatsa pele ho nako? |
Kgosi ya re: “Taba ya ka le lona ke efe, lona bara ba Seruya? Mo tloheleng a nne a hlapaolane, hobane Morena o itse ho yena: ‘Hlapaola Davida!’ Jwale ke mang ya ka reng ho yena: ‘Ke hobaneng ha o etsa tjee?’ ”
Yaba Davida o re: “Ekaba taba ya ka le lona, bara ba Seruya, ke efe, ha e le moo kajeno le se le le dira tsa ka? Ka letsatsi lena ha ho motho ya tla bolawa naheng ena ya Iseraele, hobane kajeno ke a tseba hore ke nna kgosi ya Iseraele.”
Mosadi eo a re ho Elia: “Ekaba o ntsekisang, motho wa Modimo? Na o tletse hore sebe sa ka se hopolwe, mme moshanyana wa ka a shwe?”
Elisha a re ho kgosi ya Iseraele: “O nkene kang? Tsamaya, o yo botsa baporofeta ba ntatao, le baporofeta ba mmao!” Empa kgosi ya Iseraele ya re ho yena: “Tjhe, ke Morena ya bitsitseng dikgosi tsena tse tharo ho tla neelana ka tsona matsohong a kgosi ya Moabe.”
Empa Neko a romela maqosa ho Josiya, a re: “Taba ya ka le wena ke efe, wena kgosi ya Juda? Kajeno ha ke futuhele wena, empa ke futuhela lelapa leo ke lwantshanang le lona hobane Modimo o ntaetse hore ke potlake. Tlohela ho nna o kenakenana le Modimo, ya ka lehlakoreng la ka, esere a o timetsa.”
“Wena Tire, le wena Sidone, le lona dibaka tsohle tsa Filesitiya, e ka ba le mpatlang? Le tla mpuseletsa ka eng? Haeba le tla mpuseletsa, seo le se entseng ke tla le buseletsa sona ka potlako.
a re: “O re kene kang, Jesu wa Nasaretha? Na o tlilo re timetsa? Ke a tseba hore na o mang: O Ya Halalelang wa Modimo!”
Le meya e ditshila ha e mmona e ne e itihela kapele ho yena, e howe haholo, e re: “O Mora wa Modimo!”
A howa ka lentswe le phahameng, a re: “O nkene kang, Jesu, Mora wa Modimo ya hodimodimo? Ke o rapela ka lebitso la Modimo hore o se ke wa ntlhokofatsa.”
“Wee! O re kene kang, Jesu wa Nasaretha? Na o tlile ho re timetsa? Ke a tseba hore na o mang: o Ya Halalelang wa Modimo.”
Le bademona ba ne ba etswa ho ba bangata, ba ntse ba howa, ba re: “O Mora wa Modimo!” Empa a ba kgalemela, a se ke a ba dumella ho bua, kaha ba ne ba tseba hore ke Kreste.
Yare ha a bona Jesu, a itihela fatshe pela hae, a re ka lentswe le phahameng: “O nkene kang, Jesu Mora wa Modimo ya hodimodimo? Ke a o rapela, o se ke wa ntlhokofatsa!”
La re latela re ena le Paulosi, la howa, la re: “Batho bana ke bahlanka ba Modimo ya hodimodimo, ba le phatlalletsang tsela ya pholoho!”
Ha ke re o dumela hore Modimo o mong feela? O etsa hantle; le bona bademona ba dumela jwalo, mme ba a thothomela.
Modimo ha a a ka a qenehela mangeloi a entseng sebe, empa o ile a a dihela diheleng, madumeleng a lefifi, moo a boloketsweng letsatsi la kahlolo.
Esita le mangeloi a sa kang a tiisetsa boemong ba wona, a furaletseng leaho la wona, o a boloketse kahlolo ya Letsatsi le leholo, a le ditlamong tse sa feleng, lefifing.
Jafeta a romela maqosa ho kgosi ya Baamone, a re ho yona: “O ntsekisang ha e le moo o tlile ho tla ntwantsha naheng ya ka?”