Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 8:30 - BIBELE

30 Sebakana le bona ho ne ho fula mohlapehadi wa dikolobe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Mme hojana le bona, mohlape o moholo wa bo o le teng, wa dikolobe tse fulang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

30 Ho ne hole le bona mohlape wa dikolobe tse ngata o fula.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

30 Ho ne hole le bona mohlape wa dikolobe tse ngata o fula.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 8:30
10 Referencias Cruzadas  

Empa ya etsang mahlabelo ka poho, o tshwana le mmolai wa motho; ya etsang nyehelo ka konyana, o tshwana le ya robang ntja molala; ya etsang nyehelo ka dijo, o tshwana le ya nyehelang ka madi a kolobe; ya tjhesang mokubetso ho etsa kgopotso, o tshwana le ya kgumamelang modimo wa bohata. E, ba ikgethetse tsela tsa bona, meya ya bona e thabela manyala a bona.


Kolobe e na le dikgolana, empa ha e thuise; ka baka leo, ho lona ha e a hlweka.


“Se neeng dintja dintho tse halalelang, esere mohlomong tsa reteleha, tsa le harola; leha e le ho lahlela mabenyane a lona a bohlokwa pela dikolobe, esere mohlomong tsa a hatakela ka maoto.”


Ba ne ba howa, ba re: “O re kene kang, Mora wa Modimo? Na o tlile kwano ho re hlokofatsa pele ho nako?”


Bademona ba rapela Jesu, ba re: “Ha o re leleka mona, o mpe o re romele mohlapeng wane wa dikolobe.”


Ho ne ho ena le mohlapehadi wa dikolobe o neng o fula mosikong wa thaba.


Jwale ho ne ho fula mohlape wa dikolobe tse ngata thabeng; ba rapela Jesu hore a ba dumelle ho kena ka dikolobeng tseo, mme a ba dumella.


Le hoja kolobe e ena le dikgolana, empa ha e thuise, ka baka leo, ho lona ha e a hlweka. Le se ke la ja nama ya yona, le sefifi sa yona le se ke la se ama.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos