Leha ke tlotsitswe hore ke be kgosi, kajeno ke a fokola. Banna bana, e leng bara ba Seruya, ba ntlhotse ka ho hloka mohau. Morena a ke a putse ya entseng bokgopo bona ho ya ka bokgopo boo ba hae.”
Mattheu 8:2 - BIBELE Yaba molepera o tla ho yena, o a mo kgumamela, o re: “Morena, ha o rata o ka ntlhwekisa.” Sesotho 1909/1961 (SO) Mme bonang, ha tla molepera ho yena, a mo kgumamela, a re: Morena, ha o rata, o na le matla a ho nntlafatsa. Baasraak Sotho NT Mme bonang, ha tla molepera, a kgumama, a re: Morena, ha o rata, o ka ntlhwekisa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme bonang, ha tla molepera, a kgumama, a re: Morena, ha o rata, o ka ntlhwekisa. |
Leha ke tlotsitswe hore ke be kgosi, kajeno ke a fokola. Banna bana, e leng bara ba Seruya, ba ntlhotse ka ho hloka mohau. Morena a ke a putse ya entseng bokgopo bona ho ya ka bokgopo boo ba hae.”
Morena a otla kgosi, mme kgosi ya eba molepera ho fihlela e eshwa. Kgosi ya phela e le inotshi tlung e kathoko. Jotame, mora wa kgosi, e ne e le yena mookamedi wa lelapa la kgosi, a bile a busa naha eo.
Naamane, molaodi wa lebotho la kgosi ya Arame, e ne e le motho e moholo, wa bohlokwa, ho monga hae, hobane ke ka yena Morena a ileng a lopolla Arame. E ne e le mohale wa senatla, feela e le molepera.
Ka lebaka lena, lepera la Naamane le tla o kgomarela, le kgomarele le ditloholo tsa hao kamehla yohle.” A tloha kapele ho Elisha e le molepera, a le mosweu jwaloka lehlwa.
Leru la phahama hodima Tente ya Morena, Meriama a sala a se a tletse lepera, a le mosweu jwaloka lehlwa. Ha Arone a retelehela ka ho Meriama, a bona a se a tletse lepera.
Fodisang bakudi, tsosang bafu, hlwekisang balepera, lelekang bademona; le amohetse feela, fanang feela.
Moo teng ha a ka a etsa diketso tse matla, tse hlollang, ka baka la ho se dumele ha bona.
Ha ba fihla ka tlung, ba bona ngwana le mmae Maria; ba itihela fatshe, mme ba kgumamela ngwana, ba nto bula matlole a bona, ba mo nyehella ka dimpho: kgauta, mokubetso, le mmira.
Mohatsa Sebedea, a ena le bara ba hae, a tla ho Jesu, a mo kgumamela, mme a mo kopa ho hong.
Jesu a teana le bona, a re: “Dumelang!” Ba atamela, mme ba mo tshwara maoto, ba mo kgumamela.
Ha Jesu a ntse a ba bolella tsena, ha fihla e mong wa baokamedi ba ntlo ya thapelo, a mo kgumamela, a re: “Moradi wa ka o sa tswa hlokahala, empa tlo o mmee letsoho, mme o tla phela.”
Ho ne ho bile ho ena le balepera ba bangata Iseraeleng mehleng ya moporofeta Elisha, mme ha ho a ka ha hlwekiswa le ya mong wa bona, haese Mosiria Naamane feela.”
Empa Petrose a re: “Tjhe, le kgale, Morena! Ha ke eso ka ke eja letho le ilehang, le sa hlwekang.”
Yare ha Petrose a fihla, Kornele a mo kgahlanyetsa, a itihela maotong a hae, a kgumama.
Makunutu a pelo ya hae a tla senoleha. O tla itihela fatshe, a kgumamele Modimo, a phatlalatse, a re: “Ruri Modimo o teng hara lona.”
Yaba ke itihela maotong a lona, ka re ke a le kgumamela, empa la re ho nna: “Se etse jwalo, hobane ke molekane wa hao wa bohlanka, le wa bana beno ba nang le bopaki ba Jesu. Kgumamela Modimo. Bopaki ba Jesu ke moya wa boporofeta.”