Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 8:25 - BIBELE

25 Barutuwa ba atamela, ba mo tsosa, ba re: “Morena, re pholose, re a timela!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Yaba barutuwa ba hae ba mo atamela, ba mo tsosa, ba re: Morena, re pholose; re a timela!

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

25 Barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba mo tsosa, ba re: Morena, re pholose!

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 Barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba mo tsosa, ba re: Morena, re pholose!

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 8:25
11 Referencias Cruzadas  

Yaba Asa o ipiletsa ho Morena Modimo wa hae, o re: “Morena, ke ntho e nyenyane ho wena ho thusetsa ya fokolang ho ya matla. Re thuse Morena Modimo wa rona, hobane re o tshepile. Re futuhela lebothohadi lena ka lebitso la hao. Oho, Morena, o Modimo wa rona, ho se be motho ya ka o hlolang.”


Oho, Modimo wa rona, ako ba ahlole! Re hloka matla a ho lwantsha lebothohadi lena le re futuhetseng. Ha re tsebe le seo re ka se etsang, empa rona re tshepile wena.”


Morena, o emelang hole hakaalo? O ipatelang nakong ya matshwenyeho?


Molaodi wa sekepe a tla ho yena, a re: “O hlolang, ha o robetse tjee? Tsoha, o ipiletse ho modimo wa hao! Mohlomong modimo eo wa hao a ka re hopola, ra se ke ra timela.”


Yaba molepera o tla ho yena, o a mo kgumamela, o re: “Morena, ha o rata o ka ntlhwekisa.”


Ha tsoha sefefo se matla letsheng, hoo sekepe se neng se kwahelwa ke maqhubu, empa yena o ne a robetse.


Ha Jesu a ntse a ba bolella tsena, ha fihla e mong wa baokamedi ba ntlo ya thapelo, a mo kgumamela, a re: “Moradi wa ka o sa tswa hlokahala, empa tlo o mmee letsoho, mme o tla phela.”


Ba atamela, ba mo tsosa, ba re: “Monghadi, monghadi, re a timela!” A tsoha, a kgalemela moya le maqhubu; yaba di a kgaotsa, mme ha eba le kgutso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos