Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 8:2 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Mme bonang, ha tla molepera, a kgumama, a re: Morena, ha o rata, o ka ntlhwekisa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Mme bonang, ha tla molepera ho yena, a mo kgumamela, a re: Morena, ha o rata, o na le matla a ho nntlafatsa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Yaba molepera o tla ho yena, o a mo kgumamela, o re: “Morena, ha o rata o ka ntlhwekisa.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Mme bonang, ha tla molepera, a kgumama, a re: Morena, ha o rata, o ka ntlhwekisa.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 8:2
37 Referencias Cruzadas  

Folisang ba kulang, le tsose bafu, le ntlafatse balepera, le leleke batemona; le amohetse feela, le fane feela.


Mme ha a ka a etsa le mehlolo e mengata teng ka baka la ho se dumele ha bona.


Yaba ba ka sekepeng ba tla, ba mo kgumamela, ba re: Kannete o Mora wa Modimo.


Yaba mosadi o tla ho yena, a kgumama, a re: Morena, nthuse!


Mohlanka a itihela fatshe, a mo kgumamela, a re: ’Morena, ako nne o mphe pelo, mme ke tla o lefa kaofela.


Eitse ha ba kena ka tlung, ba bona ngwana le mmae Maria, mme ba itihela fatshe, ba mo kgumamela; khauta, le libano, le myra.


Jwale mma bana ba Sebedea a tla ho yena le bara ba hae, a kgumama, a kopa ntho e nngwe ho yena.


Eitse ha Jesu a le Bethania, tlung ya Simone molepera.


Yare ha ba mmona, ba mo kgumamela; empa ba bang ba belaela.


Yare ba sa ya bolella barutuwa ba hae, bonang, Jesu a ba kgahlanyetsa, a re: Dumelang! Ba tla, ba mo tshwara ka maoto, ba mo kgumamela.


A re ho yena: Tsohle tseo ke tla o nea tsona, ha o ka itihela fatshe, wa kgumama pela ka.


Ha a theoha thabeng, matshwele a maholo a mo latela.


Barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba mo tsosa, ba re: Morena, re pholose!


A re a sa ba bolella taba tseo, bonang, ha fihla mmusi e mong, a mo kgumamela, a re: Moradi wa ka o se a shwele;


Ho ne ho ena le balepera ba bangata Iseraeleng mehleng ya moporofeta Elisha; mme ho ne ho se le a mong wa bona ya ileng a hlwekiswa, haese Naamane wa Mosiria.


Mme a re: “Morena, ke a dumela. Mme a mo kgumamela.


Empa Petrose a re: Ha ho jwalo, Morena; hobane ha ke eso ho je ntho e ditshila, leha e le e sa hlwekang.


Yare ha Petrose a kena, Kornele a mo kgahlanyetsa, a itihela maotong a hae, a mo kgumamela.


Mme diphiri tsa pelo ya hae di bonahatswa jwalo; mme ka mokgwa o jwalo o tla itihela fatshe ka sefahleho, a kgumamele Modimo, mme a bolele hore ruri Modimo o ka ho lona.


Yaba ke itihela maotong a hae ho mo kgumamela. A re ho nna: Bona, o se ke wa etsa jwalo;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos