mme a re: “Haeba le hlile le mamela lentswe la Morena Modimo wa lona, mme le etsa ho lokileng mahlong a hae; le sekehela ditaelo tsa hae tsebe, le boloka melao yohle ya hae, nke ke ka le otla ka mafu wohle ao ke ileng ka otla Baegepeta ka wona, hobane ke nna Morena, Mofodisi wa hao.”
Batho ba mo tlisetsa monna ya shweleng ditho, ba mo nkile ka diphate. Ha Jesu a bona tumelo ya bona, a re ho ya shweleng ditho: “Ngwana ka, beta pelo, o tshwaretswe dibe tsa hao.”
Ha Jesu a bona hore letshwele le mathela ho yena, a kgalemela moya o ditshila ka matla, a re ho wona: “Moya o semumu, o tsebetutu, ke a o laela, tswa ho yena, mme o se ke wa hlola o kena ho yena hape!”
Ha letsatsi le dikela, bohle ba nang le ba kulang ke malwetse a mefutafuta ba ba tlisa ho Jesu; a bea matsoho hodima e mong le e mong wa bona, mme a ba fodisa.
Le bademona ba ne ba etswa ho ba bangata, ba ntse ba howa, ba re: “O Mora wa Modimo!” Empa a ba kgalemela, a se ke a ba dumella ho bua, kaha ba ne ba tseba hore ke Kreste.
Batho ba ne ba tlisa bakudi ditseleng, ba ba beile dibetheng, le diphateng, e le hore ha Petrose a feta, seriti sa hae bonyane se mpe se sire ba bang ba bona.