A re: “E, o a le ntsha.” Ha Petrose a kena ka tlung, Jesu a mo raka, a re: “Wena o reng, Simone? Mahosi a lefatshe a bokella lekgetho la kgwebo kapa la monna ho bomang? Ho bara ba wona kapa ho baditjhaba?”
Mattheu 8:14 - BIBELE Ha Jesu a fihla ha Petrose, a bona mohwehadi wa Petrose a le diphateng, a tshwerwe ke feberu. Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu ha a etla tlung ya Petrose, a fumana mohwehadi wa hae a robetse, a jewa ke febere. Baasraak Sotho NT Jesu ha a fihla tlung ya Petrose, a bona mohwehadi wa hae a robetse, a tshwerwe ke feberu. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu ha a fihla tlung ya Petrose, a bona mohwehadi wa hae a robetse, a tshwerwe ke feberu. |
A re: “E, o a le ntsha.” Ha Petrose a kena ka tlung, Jesu a mo raka, a re: “Wena o reng, Simone? Mahosi a lefatshe a bokella lekgetho la kgwebo kapa la monna ho bomang? Ho bara ba wona kapa ho baditjhaba?”
Jesu a re ho sona: “Diphokojwe di na le mesima, dinonyana tse fofang di na le dihlaha, empa Mora Motho ha a na moo a ka samelang hlooho teng.”
Na ha re na tokelo ya ho felehetswa kahohle ke mosadi wa Mokreste jwaloka baapostola ba bang, le bana babo Morena, le Kefase?
Mookamedi wa kereke eka kgona a hloke kodi; e be monna ya nang le mosadi a le mong, a be le boitshwaro dinong, a be sedi, a be le seriti, a thabele baeti, mme a tsebe ho ruta.
Ba tla thibela batho ho nyalana, ba re ho ilwe dijo tse itseng, athe Modimo o di etseditse hore di jewe ka teboho ke ba dumelang, ba tsebang nnete ka ho tlala.
Bohle ba hlomphe lenyalo, mme dikano tsa lona di bolokwe ka botshepehi. Modimo o tla ahlola dihlola le difebe.