Mattheu 4:17 - BIBELE Ho tloha nakong eo, Jesu a qala ho ruta, a re: “Bakang, hobane Mmuso wa mahodimo o atametse!” Sesotho 1909/1961 (SO) Ho tloha mohlang oo, Jesu a qala ho ruta, a re: Bakang, hobane mmuso wa mahodimo o atametse. Baasraak Sotho NT Ho tloha mohlang oo Jesu a qala ho bolela, a re: Bakang, hobane mmuso wa mahodimo o atametse. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho tloha mohlang oo Jesu a qala ho bolela, a re: Bakang, hobane mmuso wa mahodimo o atametse. |
Ho tloha mehleng ya Johanne Mokolobetsi ho fihlela jwale, Mmuso wa mahodimo o nnile wa futuhelwa ka matla, mme ba dikgoka ba a o hapa.
A ba araba, a re: “Lona le neilwe ho tseba diphiri tsa Mmuso wa mahodimo, athe bona ha ba a ho newa.
Jesu a ba bolella setshwantsho se seng, a re: “Mmuso wa mahodimo o tshwantshwa le motho ya jetseng peo e ntle tshimong ya hae.
“Hapehape, Mmuso wa mahodimo o tshwana le letlowa le akgetsweng lewatleng, le haharang ditlhapi tsa mefutafuta,
“Mohlang oo Mmuso wa mahodimo o tla tshwana le barwetsana ba leshome, ba ileng ba nka mabone a bona, yaba ba tswa ho ya kgahlanyetsa monyadi.
Eyang, le ithute hore na ke ho reng ha ho thwe: ‘Ke thabela mohau, e seng sehlabelo.’ Ke tlile ho bitsa baetsadibe, e seng ba lokileng.”
Ke a le bolella hore, ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e teng hara mangeloi a Modimo.”
Ke a le bolella hore ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e tla ba teng lehodimong, e fetang e bang teng ka baka la ba lokileng ba mashome a robong a metso e robong ba sa hlokeng pako.”
le hore ka lebitso la hae, ditjhaba tsohle di phatlalletswe pako le tshwarelo ya dibe, ho qala Jerusalema.
Jesu o ne a ka ba dilemo tse mashome a mararo ha a qala ho ruta. Ha ho lekanngwa, e ne e le mora wa Josefa, mora wa Eli,
Yare ha ba utlwa tsena, ba thola. Jwale ba tlotlisa Modimo, ba re: “Efela le baditjhaba Modimo o ba neile pako e isang bophelong.”
Modimo o itebaditse dinako tsa ho se tsebe ha batho, empa jwale o laela hore kahohle batho bohle ba bake,
Petrose a re ho bona: “Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste, le tle le tshwarelwe dibe tsa lona, mme le tla amohela mpho ya Moya o Halalelang.
ke ntse ke qophella Bajuda le Bagerike ho sokolohela ho Modimo le ho dumela ho Morena wa rona Jesu.
Empa ke qadile pele ka ba leng Damaseka le Jerusalema, le ba naheng yohle ya Judea, hamorao ka ya ho baditjhaba, ka ba phatlalletsa hore ba bake, ba sokolohele ho Modimo, ba etse mesebetsi e lokelang pako.
Jwale a re tloheleng thuto eo ho qalwang ka yona ya Kreste, re fetele pele ho tse phethehileng, tsa batho ba baholo. Re se ke ra boela ra kgutlela motheong: E leng ho furalla mesebetsi e isang timelong, ho dumela ho Modimo,