Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 9:13 - BIBELE

13 Eyang, le ithute hore na ke ho reng ha ho thwe: ‘Ke thabela mohau, e seng sehlabelo.’ Ke tlile ho bitsa baetsadibe, e seng ba lokileng.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Empa eyang, le ithute polelo e reng: Ke rata mohau, e seng sehlabelo; hobane ha ke a tla ho biletsa ba lokileng pakong, empa e le baetsadibe.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 Eyang, le ithute hore na ke ho reng: Ke rata mohau, e seng sehlabelo;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Eyang, le ithute hore na ke ho reng: Ke rata mohau, e seng sehlabelo;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 9:13
39 Referencias Cruzadas  

Ho etsa ho lokileng le ho phetha toka ho amoheleha ho Morena ho feta sehlabelo.


Ke thabela mohau e seng mahlabelo, ho tseba Modimo, e seng nyehelo tsa setjheso.


A re ho bona: “Na ha le a ka la bala seo Davida a neng a se etse, ha a ne a lapile mmoho le bao a neng a ena le bona;


Kapa na ha le a ka la bala Molaong hore baprista ba tlola molao wa Sabatha Tempeleng ka Disabatha, empa ha ba na molato?


Hoja le ne le tsebile hore na ke ho reng ha ho thwe: ‘Ke thabela mohau, e seng sehlabelo,’ le ka be le sa ka la ahlola ba se nang molato.


A araba, a re: “Na ha le eso bale hore tshimolohong Mmopi ‘o ile a etsa e motona le e motshehadi?’


Jesu a re ho bona: “Na ha le eso bale Mangolong a halalelang, moo ho thweng: “ ‘Lejwe le lahlilweng ke dihahi le fetohile lejwe la mantlha; ke Morena ya entseng hona, mme mahlong a rona ke mohlolo’?


a re: “Bakang, hobane Mmuso wa mahodimo o atametse!”


Bontshang ka diketso hore le bakile,


Ho tloha nakong eo, Jesu a qala ho ruta, a re: “Bakang, hobane Mmuso wa mahodimo o atametse!”


Tabeng ya bafu ba tsohang, na ha le eso bale bukeng ya Moshe, moo ho buuwang ka sehlahla, kamoo Modimo a ileng a re ho yena kateng: ‘Ke nna Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo?’


mme ‘ho mo rata ka pelo yohle, le ka kelello yohle, le ka matla wohle, le ho rata mohahabo rona jwalokaha re ithata,’ ho feta ditjheso tsohle le mahlabelo wohle.”


Jesu ha a utlwa, a re ho tsona: “Ba hlokang ngaka ke ba kulang, e seng ba phelang hantle. Ke tlile ho bitsa baetsadibe, e seng ba lokileng.”


Yaba o re ho yena: “Ho ngotsweng Molaong? O o bala jwang?”


hobane Mora Motho o tlile ho batla le ho pholosa ba lahlehileng.”


le hore ka lebitso la hae, ditjhaba tsohle di phatlalletswe pako le tshwarelo ya dibe, ho qala Jerusalema.


Jesu a ba araba, a re: “Ba sa kuleng ha ba hloke ngaka, empa e hlokwa ke ba kulang.


Ha ke a tla ho biletsa ba lokileng pakong, empa baetsadibe.”


Jesu a araba, a re: “Na ha ho a ngolwa Molaong wa lona, ha thwe: ‘Ke itse, le medimo.’


Yare ha ba utlwa tsena, ba thola. Jwale ba tlotlisa Modimo, ba re: “Efela le baditjhaba Modimo o ba neile pako e isang bophelong.”


Petrose a re ho bona: “Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste, le tle le tshwarelwe dibe tsa lona, mme le tla amohela mpho ya Moya o Halalelang.


ke ntse ke qophella Bajuda le Bagerike ho sokolohela ho Modimo le ho dumela ho Morena wa rona Jesu.


Ka baka leo, bakang, le sokolohe, dibe tsa lona di tle di hlakolwe,


Monna enwa Modimo o mo phahamisitse ka letsoho la hae le letona hore e be Mmusi le Mopholosi, ya tla nea Iseraele pako le tshwarelo ya dibe.


Morena ha a diehe ho phethahatsa ditshepiso tsa hae, jwalokaha ba bang ba lekanya hore o a dieha. Empa o a le mamella, hobane ha a rate ha ho ka timela leha a le mong, empa o rata hore bohle ba bake.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos