Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 6:10 - BIBELE

10 Mmuso wa hao o tle; thato ya hao e etswe lefatsheng jwaloka lehodimong.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 ho tle mmuso wa hao; thato ya hao e etswe lefatsheng, jwalokaha e etswa lehodimong;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 Mmuso wa hao o tle. Thato ea hao e etsoe lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Mmuso wa hao o tle. Thato ea hao e etsoe lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 6:10
44 Referencias Cruzadas  

“Oho, Morena, ke wena o inotshi, ya entseng mahodimo, le mahodimo a mahodimo, le dinaledi, le lefatshe le tsohle tse ho lona, le mawatle, le tsohle tse ka ho wona; tsohle o babaletse bophelo ba tsona. Mabotho a lehodimo a a o kgumamela.


“Thabeng ya ka e halalelang, thabeng ya Sione, nna ke beile kgosi ya ka.”


Ke moo ke ileng ka re: “Bona, ke a tla. Ho ngotswe ka nna Bukeng ya Molao:


Mohla matsatsi a ho qetela, thaba eo Tempele ya Morena e leng hodima yona e tla phahamela dithaba tsohle, e phahamele le maralla wohle, ditjhaba tsohle di phallele ho yona.


“Bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla tsosa lehlomela le lokileng la Davida, kgosi e tla busa, e sebetse ka bohlale, e sebetse ka toka le ka ho loka lefatsheng.


“Mehleng ya dikgosi tseo, Modimo ya lehodimong o tla thea mmuso o ke keng wa hlola o fediswa, o ke keng wa hlolwa ke ditjhaba tse ding. Mmuso oo o tla thuakanya, o timetse mebuso e meng yohle, empa wona o tla hlola kamehla yohle.


Baahi bohle ba lefatshe hase letho; o etsa thato ya hae ka mabotho a lehodimo, le ho baahi ba lefatshe o etsa jwalo. Ha ho ya ka thibelang tsoho la hae, kapa a re ho yena: ‘O etsang jwale?’


“Ponong ya ka ya bosiu ka bona e mong ya kang Mora Motho, a etla a le hodima maru, a etla ho Moholo wa Matsatsi, mme ba mo atametsa kapele ho yena.


Mmuso le matla a puso, le botumo ba mebuso yohle e lefatsheng, tsena di tla newa setjhaba sa bahalaledi ba Ya Hodimodimo, eo mmuso wa hae e leng mmuso wa kamehla yohle, eo babusi bohle ba tla mo sebeletsa, ba mo hlomphe.’


Wena Moradi wa Sione nyakalla haholo! Wena Moradi wa Jerusalema etsa ditlatse! Bona! Kgosi ya hao e tla ho wena; e lokile, e tlisa topollo, e ikokobeditse, e palame tonki, e palame petsana ya tonki.


Mang kapa mang ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong, ke yena eo e leng ngwaneso, le kgaitsedi, le mme.”


Ruri ke a le bolella: Ho na le ba bang hara ba emeng mona ba ke keng ba tseba lefu ho fihlela ba bona Mora Motho a etla ka Mmuso wa hae.”


A tloha ho bona kgetlo la bobedi, a ya rapela, a re: “Ntate, haeba senwelo sena se sitwa ho mpheta ke sa se nwe, a ho etswe thato ya hao!”


a re: “Bakang, hobane Mmuso wa mahodimo o atametse!”


Ho tloha nakong eo, Jesu a qala ho ruta, a re: “Bakang, hobane Mmuso wa mahodimo o atametse!”


“Hase mang kapa mang ya reng ho nna: ‘Morena, Morena,’ ya tla kena Mmusong wa mahodimo, empa ho tla kena ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong.


Ho bokwe mmuso o tlang wa ntata rona Davida! Hosanna mahodimong a hodimodimo!”


Mang kapa mang ya etsang thato ya Modimo ke yena eo e leng ngwaneso, le kgaitsedi, le mme.”


Yare ba sa mametse tsena, Jesu a eketsa a bolela setshwantsho, hobane a ne a atametse Jerusalema, mme ba ne ba hopola hore Mmuso wa Modimo o se o tla hlaha kapelepele.


ba re: “Ho bokwe Kgosi e tlang ka lebitso la Morena! Kgotso e be lehodimong le tlotla mahodimong a hodimodimo!”


a re: “Ntate, ha o rata, ako tlose senwelo sena ho nna; feela ho etswe thato ya hao, e seng ya ka.”


Jesu a re ho bona: “Sejo sa ka ke ho etsa thato ya ya nthomileng, le ho phetha mosebetsi wa hae.


Thato ya Ntate ke hore e mong le e mong ya bonang Mora, a dumela ho yena, a be le bophelo bo sa feleng, mme ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela.”


ha motho a rata ho etsa thato ya ya nthomileng, o tla tseba hore na thuto eo e tswa ho Modimo, kapa ke bua ka bonna.


Ha Modimo a se a mo tlositse, a bea Davida ho ba kgosi ya bona, eo a bileng a mo paka, a re: ‘Ke fumane Davida, mora wa Jese, e le monna eo ke mo ratang, ya tla phetha thato ya ka yohle.’


Yare ha a hana ho rapeleha, ra ineela, ra re: “A ho etswe thato ya Morena!”


“A re: ‘Modimo wa bo-ntata rona o o kgethile hore o tsebe thato ya hae, o bone Ya Lokileng, mme o utlwe lentswe le tswang molomong wa hae,


Le se ke la tshwana le ba lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ho ntjhafala dikelellong, hore le tle le iphumanele seo thato ya Modimo e leng sona, e leng sohle se molemo, se kgahlehang, se phethehileng.


Hona le se ke la ho etsa feela ha ba le teng, jwaloka ba ratang ho kgahlisa batho, empa jwaloka makgoba a Kreste a etsang thato ya Modimo ka pelo yohle.


O re ntshitse matleng a lefifi, a re fetisetsa mmusong wa Mora wa hae ya ratehang,


Ka baka leo, ho tloha mohla re neng re utlwa hona, rona ha re a ka ra kgaotsa ho le rapella. Re nnile ra kopa Modimo hore a le fe ho tseba thato ya hae, ka ho le nea bohlale bohle le kutlwisiso yohle e tswang ho Moya wa hae.


Thato ya Modimo ke hore le halalele, le pheme bohlola,


lebohang dinthong tsohle, hobane tsena ke tsona tseo Modimo a ratang hore le di etse ka Kreste Jesu.


Kahoo mangeloi ke eng, haese meya e sebeletsang, le bahlanka ba rongwang ke Modimo ho thusa ba tla ja lefa la pholoho?


Le sa hloka mamello, e le hore, ka ho phetha thato ya Modimo, le tle le amohele seo le se tshepisitsweng,


Yaba ke re: Bona, ke nna enwa, eo ho ngotsweng ka yena bukeng ya Molao. Ke tlile, Modimo, ho phetha thato ya hao.”


a ke a le fe tsohle tse molemo, tseo le di hlokang ho phetha thato ya hae. Tse mo kgahlisang a ke a di bope ka dipelong tsa rona, ka Jesu Kreste, ya lokelwang ke tlotla kamehla le mehla. A ho be jwalo!


Ke thato ya Modimo hore, ka ho etsa tse ntle, le fedise dipuo tsa bowatla, tsa dithoto.


e le hore ditshiung tse mo saletseng lefatsheng a se hlole a phelela ditakatso tsa botho, empa a phelele thato ya Modimo.


Jwale lengeloi la bosupa la letsa terompeta, mme lehodimong ha utlwahala mantswe a phahameng, a reng: “Puso ya lefatshe e se e le ya Morena wa rona, le ya Mesia wa hae, mme o tla busa kamehla le mehla.”


Lehodimong ka utlwa lentswe le phahameng, le re: “Jwale tlholo, le matla, le puso, e se e le tsa Modimo wa rona, le borena ke ba Mesia wa hae, hobane ho dihetswe fatshe moqosi wa bana babo rona, ya neng a ba qosa kapele ho Modimo wa rona, motsheare le bosiu.


Ka boela ka utlwa ho kang modumo wa letshwelehadi, ho kang modumo wa metsi a lewatle, le ho kang modumo wa letolo le matla, ho re: “Haleluja! O a busa Morena, Modimo wa rona ya matla wohle.


Yaba ke bona diterone le ba dutseng hodima tsona, ba neilweng matla a ho ahlola. Ka bona le ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu, le ka baka la Lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebatana le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba fumanwa ba ena le letshwao la sona diphatleng le matsohong a bona. Ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste ka dilemo tse sekete.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos