Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 6:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 ho tle mmuso wa hao; thato ya hao e etswe lefatsheng, jwalokaha e etswa lehodimong;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Mmuso wa hao o tle; thato ya hao e etswe lefatsheng jwaloka lehodimong.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 Mmuso wa hao o tle. Thato ea hao e etsoe lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Mmuso wa hao o tle. Thato ea hao e etsoe lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 6:10
44 Referencias Cruzadas  

Ke wena Jehova o nnotshi; ke wena ya entseng mahodimo, mahodimo a mahodimo le makgotla wohle a wona, lefatshe le tsohle tse ho lona, mawatle le tsohle tse ho wona; ke wena ya phedisang ntho tseo tsohle; makgotla a mahodimo a ntse a kgumama pela hao.


o re: Ke nna ka sebele ke tlotsitseng morena wa ka Sione, thabeng ya ka e kgethehileng!


Ho etsa ho ratwang ke wena, Modimo wa ka, ke sona seo ke se ratang, molao wa hao o ngodilwe pelong ya ka.


Ho tla etsahala mehleng ya bofelo, hoba thaba ya ntlo ya Jehova e tla bewa hlorong ya dithaba, e okamele maralla, mme ditjhaba kaofela di tla phallela teng.


Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tlang ho hlahisetsa Davida lehlomela le lokileng, e be morena ya renang ka hlalefo, a bee kahlolo le ho loka lefatsheng.


Empa mehleng ya marena ao, Modimo wa lehodimo o tla hloma mmuso o ke keng wa senyeha ka ho sa yeng kae, mme borena ba wona bo ke ke ba fetela ho setjhaba se seng; o tla robaka o fedise mebuso eo kaofela, empa wona o tla ba teng ka ho sa feleng;


Baahi bohle ba lefatshe ba jwaloka lefeela pela hae, o etsa ka makgotla a lehodimo le ka baahi ba lefatshe kamoo a ratang kateng, ha ho e mong ya ka thibelang letsoho la hae, a re ho yena: O etsang na?


Ka ba ka tadima ka dipono tsa bosiu, mme bonang, e mong ya kang mora motho a hlaha ka maru a lehodimo, a fihla ho Moholo wa matsatsi, a atametswa ho yena;


Borena, le puso, le matla a mebuso yohle e katlasa mahodimo kaofela, di tla newa setjhaba sa bahalaledi ba Mookamedi ya phahameng; mmuso wa hae ke mmuso o sa feleng, marena kaofela a tla mo sebeletsa, a mo utlwe.


Nyakalla haholo, moradi wa Sione, o tshele ditlatse, moradi wa Jerusalema! Bona, morena wa hao ke enwa; o tla ho wena; ke ya lokileng, ya nang le poloko, ke ya ikokobetsang, ya kaletseng esele, e leng petsana, namane ya esele e tshehadi.


Hobane e mong le e mong ya tla etsa thato ya Ntate ya mahodimong, ke yena e leng ngwaneso, le kgaitsedi ya ka le mmè.


Kannete ke re ho lona: Ba bang ba teng ho ba emeng mona ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone Mora motho a etla mmusong wa hae.


A boela a ya la bobedi, a rapela, a re: Ntate, ekare ha e se ntho e ka etswang hore senwelo sena se fetele hole le nna ke sa nwele ho sona, a ho etswe thato ya hao!


O ne a re: Bakang, hobane mmuso wa mahodimo o atametse.


Ho tloha mohlang oo, Jesu a qala ho ruta, a re: Bakang, hobane mmuso wa mahodimo o atametse.


Hase bohle ba reng ho nna: Morena! Morena! ba tlang ho kena mmusong wa mahodimo; empa ho tla kena ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong.


Ho rokwe mmuso wa ntata rona Davida, o tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo!


hobane ya etsang thato ya Modimo, ke yena e leng ngwaneso le kgaitsedi ya ka le mme.


Eitse ha ba sa mametse taba tseo, Jesu a eketsa ho bolela setshwantsho, hobane a ne a le haufi le Jerusalema, mme ba ne ba lekanya hobane mmuso wa Modimo o tla hlaha kapele.


ba re: Ho bokwe monghadi ya tlang ka lebitso la Morena! Kgotso e be lehodimong, le kganya mahodimong a hodimodimo!


a re: Ntate, hoja o ka rata ho suthisa senwelo sena pela ka! empa ho se ke ha etswa thato ya ka, ho etswe ya hao.


Jesu a re ho bona: Sejo sa ka ke ho etsa thato ya ya nthomileng, le ho phetha mosebetsi wa hae.


Ho ratwang ke ya nthomileng ke hore, e mong le e mong ya tadimang Mora, mme a dumela ho yena, a be le bophelo bo sa feleng; mme nna, ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo.


Ekare ha motho a rata ho etsa thato ya hae, o tla tseba thuto hore na e tswa ho Modimo, kapa ke bua ke iqalla tsa ka.


Eitse hobane o mo tlose, wa ba hlahisetsa Davida, hore e be morena wa bona, eo o mmoletseng, wa re: Ke fumane Davida, mora Jese, monna ya pelong ya ka, ya tla etsa hoo ke ho ratang hohle.


A hana ho kgodiswa ke rona, ra ba ra kgutsa, ra re: Ho etswe se ratwang ke Morena!


A re: Modimo wa bontata rona o ikgethetse wena ho tseba thato ya wona, le ho bona Ya lokileng, le ho utlwa lentswe la molomo wa hae.


Hape le se ke la ipapisa le lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ntjhafalo ya kelello ya lona, le tle le lemohe ho ratwang ke Modimo, hore na ke hofe, ho molemo, ho kgahlehang, ho phethehileng.


Le se ke la ba sebeletsa feela ha ba le tadimile, jwaloka hoja le rata ho kgahlisa batho; le mpe le etse ho rata ha Modimo, ka pelo ka ho re, le bahlanka ba Kreste;


mme o re ntshitse matleng a lefifi, wa re falletsa mmusong wa Mora wa wona ya ratwang;


Ka baka leo, le rona, haesale mohla re utlwang hoo, ha re phetse ho le rapella, le ho le kopela hore le tlale tsebo ya thato ya wona, ka bohlale bohle, le kelello yohle ya Moya;


Hobane ho rata ha Modimo ke hore le halalele, le hore le tshabe bofebe,


Lebohang nthong tsohle; hobane ke seo Modimo o ratang le ka se etsa ho Jesu Kreste.


Na kaofela ha wona hase meya e sebeletsang, e rongwang ho sebeletsa ba tlang ho rua lefa la poloko na?


Hobane le tshwanetse ho ba le mamello, le tle le etse thato ya Modimo, le tle le ntoo kotula tseo le di tshepisitsweng.


Jwale ka re: Bona, Modimo, ke tlile ho etsa thato ya hao; jwalokaha ho ngodilwe taba tsa ka bukeng.


o ke o le bopele mesebetsi yohle e metle, le tle le etse thato ya wona, mme le wona o etse ka ho lona se o kgahlisang ka Jesu Kreste, eo re reng: Kganya e be ho yena ka ho sa feleng! Amen!


Hobane thato ya Modimo ke hore le thibe, ka ho etsa hantle, melomo ya batho ba mawatla, ba sa tsebeng letho.


a tle a se ke a hlola a sa phela ka ditakatso tsa batho, mehleng e sa setseng ho yena ho phela nameng ka yona, e mpe e be ka ho rata ha Modimo.


Jwale, lengeloi la bosupa la letsa terompeta ya lona; mme ha utlwahala mantswe a maholo a buang lehodimong, a re: Mebuso ya lefatshe e fetohile mmuso wa Morena wa rona le wa Kreste wa hae, mme o tla busa ka ho sa feleng.


Jwale ka utlwa lentswe le leholo lehodimong, le re: Jwale, ho hlahile poloko, le matla, le mmuso wa Modimo wa rona, le matla a Kreste wa wona; hobane moqosi wa banababo rona, ya neng a ba qosa pela sefahleho sa Modimo motshehare le bosiu, o dihetswe.


Ka utlwa le ho kang lentswe la bongata bo boholo, le ho kang modumo wa metsi a mangata, le ho kang lentswe la diaduma tse matla, le re: Alleluya! Hobane Morena, Modimo wa rona o matla wohle, o a busa.


Yaba ke bona diterone, mme ba bang ba dula hodima tsona, ba filwe matla a ho ahlola; ka bona le meya ya ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu le ka baka la lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebata, leha e le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba amohela letshwao la sona diphatleng tsa bona le matsohong a bona; ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste dilemo tse sekete.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos