Mattheu 27:24 - BIBELE Yare ha Pilato a bona hore ha ho thuse letho, lerata le mpa le eketseha, a nka metsi, a hlapa matsoho pontsheng ya letshwele, a re: “Ha ke na molato mading a motho enwa; ke tabeng ya lona!” Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale, Pilato ha a bona hobane ha a thuse letho, le hoba moferefere o ntse o tota, a nka metsi, a hatlela pontsheng ho bongata, a re: Ha ke na molato mading a motho eo ya lokileng; ho iponele lona. Baasraak Sotho NT Pilato ha a bona hoba ha a thuse letho, empa moferefere o ntse o tswela pele, a nka metsi, a hlapa matsoho pela letshwele, a re: Ha ke na molato mading a motho eo ya lokileng; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Pilato ha a bona hoba ha a thuse letho, empa moferefere o ntse o tswela pele, a nka metsi, a hlapa matsoho pela letshwele, a re: Ha ke na molato mading a motho eo ya lokileng; |
Ba re ho sefate: ‘Wena o ntata rona!’ Ho lefika ba re: ‘Rona re tswetswe ke wena!’ Ba mphuraletse, fahleho tsa bona ha di ntadime; athe ka nako ya ditsietsi ba re: ‘Ako tle, o re pholose!’
Empa wena o re: ‘Ha ke na molato! Ruri kgalefo ya Morena e tla mphapoha!’ Bona mona, nna ke tla o ahlola, hobane o re wena ha o a etsa sebe.
Empa ba re: “E se be mohla mokete, esere mohlomong moferefere wa eba teng hara setjhaba.”
Yare a sa dutse setulong sa boahlodi, mohatsa hae a romela ho yena, a re: “O se ke wa ba le taba le motho eo ya lokileng, hobane ke ile ka tshwenyeha habohloko kajeno ha ke lora.”
a re: “Ke sitilwe ka ho eka madi a se nang molato.” Empa ba re: “Hoo ho re ama kang? Ke tabeng ya hao!”
Yare ha molaodi wa ba lekgolo le ba lebetseng Jesu le yena ba bona tshisinyeho ya lefatshe le tse etsahalang, ba tshoha haholo, ba re: “Kannete enwa e ne e le Mora wa Modimo.”
Yaba ho phethahala ho boletsweng ke moporofeta Jeremia, ha a re: “Ba nka ditjhelete tsa silefera tse mashome a mararo; theko ya ya ileng a beelwa theko, eo ba bang ba bana ba Iseraele ba ileng ba mmeela theko,
Simone Petrose a re ho yena: “Morena, e se be maoto a ka feela, empa le wona matsoho le hlooho!”
Pilato a tswela kantle hape, mme a re ho Bajuda: “Bonang, ke mo tlisa ho lona kantle, le tle le tsebe hore ha ke fumane molato ho yena.”
Empa lona le hanne Ya Halalelang, Ya Lokileng, la kopa hore le lokollelwe monna wa mmolai.
Kreste ya neng a se na sebe, Modimo o ile a mo nka e le moetsadibe ka baka la rona, e le hore ka yena Modimo a re etse ba lokileng.
Kreste le yena o shwetse dibe tsa lona hanngwe, ya lokileng a shwela ba sa lokang, e le hore a tle a le tlise ho Modimo. O ile a bolawa ka nqeng ya mmele, empa a kgutlisetswa bophelong ka Moya;