Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 27:24 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Pilato ha a bona hoba ha a thuse letho, empa moferefere o ntse o tswela pele, a nka metsi, a hlapa matsoho pela letshwele, a re: Ha ke na molato mading a motho eo ya lokileng;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Jwale, Pilato ha a bona hobane ha a thuse letho, le hoba moferefere o ntse o tota, a nka metsi, a hatlela pontsheng ho bongata, a re: Ha ke na molato mading a motho eo ya lokileng; ho iponele lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 Yare ha Pilato a bona hore ha ho thuse letho, lerata le mpa le eketseha, a nka metsi, a hlapa matsoho pontsheng ya letshwele, a re: “Ha ke na molato mading a motho enwa; ke tabeng ya lona!”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

24 Pilato ha a bona hoba ha a thuse letho, empa moferefere o ntse o tswela pele, a nka metsi, a hlapa matsoho pela letshwele, a re: Ha ke na molato mading a motho eo ya lokileng;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 27:24
16 Referencias Cruzadas  

Empa ba re: E seng ka letsatsi la mokete, esere mohlomong moferefere wa eba teng hara setjhaba.


Eitse ha a dutse setulong sa kahlolo, mosadi wa hae a romela ho yena, a re: O se ke wa ba le taba le monna eo ya lokileng;


Mmusisi a re: O entse bobe bofe? Empa ba eketsa ho howa, ba re: A thakgiswe!


A re: Ke sitilwe, ka ho eka madi a se nang molato. Ba re: Taba eo e re amang? bona seo.


Yare ha molaodi wa lekgolo le ba nang le yena, ba lebela Jesu, ba bona tshisinyeho ya lefatshe le tse etsahetseng, ba tshoha haholo, ba re: Kannete eo e ne e le Mora wa Modimo.


Jwale ha phethahala se boletsweng ke moporofeta Jeremia, ha a re: “Ba nka ditjhelete tse mashome a mararo, theko ya ya lekantsweng, eo bana ba Iseraele ba ileng ba mo leka;


Simone Petrose a re ho yena: Morena, e se be maoto a ka feela, empa le matsoho a ka le hlooho.


Pilato a boela a tswela ntle, a re ho bona: Bonang, ke mo ntshetsa ho lona, le tle le tsebe hobane ha ke bone molato ho yena.


Empa le latotse Mohalaledi le Ya lokileng, mme la kopa hore le newe mmolai;


Hobane ya sa kang a tseba sebe o mo entse sebe bakeng sa rona; re tle re etswe ho loka ha Modimo ho yena.


Hobane Kreste le yena o kile a shwela dibe hang feela, ya lokileng a shwela ba sa lokang, hore a tle a re ise ho Modimo, a bolawa nameng, empa a phediswa ke Moya.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos