Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 26:5 - BIBELE

5 Empa ba re: “E se be mohla mokete, esere mohlomong moferefere wa eba teng hara setjhaba.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Empa ba re: A e se be mohla mokete, esere mohlomong moferefere wa eba teng hara setjhaba.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Empa ba re: E seng ka letsatsi la mokete, esere mohlomong moferefere wa eba teng hara setjhaba.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Empa ba re: E seng ka letsatsi la mokete, esere mohlomong moferefere wa eba teng hara setjhaba.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 26:5
17 Referencias Cruzadas  

ha Modimo a ema ho ahlola bohle, le ho pholosa bohle, bohle ba eisehang ba lefatshe.


Merero e mengata ka pelong ya motho, empa wa Morena wona o hlola kamehla.


Ha ho bohlale, kelello, kapa morero o ka atlehang ha Morena a sa o rate.


Ho tloha qalehong ke tsebisitse batho tsa ho qetela, ho tloha mehleng ya boholoholo ka ba tsebisa, ka ba tsebisa tse tla etsahala, ka re: ‘Merero ya ka e tla tiya, ke tla etsa tsohle tseo ke di ratang.’


Ya ka bolelang ntho, ya etsahala, ke mang, haeba ntho eo e sa laolwa ke Morena?


Heroda o ne a rata ho mmolaya, empa a tshaba batho, hobane ba ne ba tadima Johanne e le moporofeta.


Empa ha re ka re e ne e etswa bathong, re tshaba letshwele lena, hobane bohle ba tadima Johanne e le moporofeta.”


Yare ha Pilato a bona hore ha ho thuse letho, lerata le mpa le eketseha, a nka metsi, a hlapa matsoho pontsheng ya letshwele, a re: “Ha ke na molato mading a motho enwa; ke tabeng ya lona!”


Ka letsatsi la pele la mokete wa bohobe bo sa lomoswang, ha ho hlajwa dikonyana tsa Paseka, barutuwa ba Jesu ba re ho yena: “O rata ha re ya o lokisetsa ho jela Paseka kae?”


kaha ba ne ba re: “E se be mohla mokete, esere mohlomong moferefere wa eba teng hara setjhaba.”


Yaba Jesu o re ho bona: “Bohle le tla kweneha, hobane ho ngotswe, ho thwe: “ ‘Ke tla otla modisa, mme dinku di tla qhalana.’


Empa haeba re ka re: ‘Bathong,’ setjhaba sohle se tla re tlepetsa ka majwe, hobane se kgotswe hore Johanne e ne e le moporofeta.”


Jwale ha fihla letsatsi la bohobe bo sa lomoswang, leo konyana ya Paseka e neng eka kgona e hlajwe ka lona.


Jwale Bajuda ba tloha ha Kaiafa, ba isa Jesu tlung ya bobusisi, e sa le kameso. Bona ha ba a ka ba kena ka tlung ya bobusisi, hore ba tle ba je Paseka ba sa silafala.


Motse wa tlala pherekano, mme batho ba phallela lebaleng la dipapadi mmoho, ba tshwere banna ba babedi, Gaiose le Arisetarekose, ba tswang Masedonia, ba neng ba feleheditse Paulosi leetong.


Na ha o Moegepeta elwa eo maobanyana moo a neng a tsose moferefere, a isa banna ba kete di nne ba babolai nahathothe?”


ho etsa hore tsohle tseo o di laotseng e sa le pele, ka matla a hao le thato ya hao, di phethahale.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos