Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 26:4 - BIBELE

4 mme ba rera ho tshwara Jesu ka mano le ho mmolaya.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ba etsa morero wa ho tshwara Jesu ka bohlale, ba tle ba mmolaye.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Ba rera ho tshwara Jesu ka mano, mme ba mmolaye.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Ba rera ho tshwara Jesu ka mano, mme ba mmolaye.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 26:4
10 Referencias Cruzadas  

Noha e ne e le masene ho feta diphoofolo tsohle tsa naha, tseo Morena Modimo a di entseng. Yaba e re ho mosadi: “Na efela Modimo o itse: ‘Le se ke la ja difate tsohle tse serapeng’?”


Dikgosi tsa lefatshe di eme ka maoto; babusi, ba le mmoho, ba rera Morena le Motlotsuwa wa hae, ba re:


Se lalle ntlo ya motho ya lokileng jwalokaha senokwane se etsa; lapa la hae o se ke wa le senyetsa,


Bafarisi ba tswa, ba rera kamoo ba ka bolayang Jesu kateng.


“Dinoha ting! Madinyane a marabe! Kahlolo ya dihele le tla e phonyoha jwang?


Ho ne ho setse matsatsi a mabedi pele ho Paseka le mokete wa bohobe bo sa lomoswang. Baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba ne ba batla mokgwa wa ho tshwara Jesu ka mano, ba tle ba mmolaye,


Ho tloha ka letsatsi leo ba rera ho mmolaya.


“Ngwana Diabolosi! Wena ya tletseng thetso le bokgopo bohle! Sera sa toka yohle! Na ha o sa tla kgaotsa ho kgopamisa ditsela tse lokileng tsa Morena?


Eo ya sebetsa leloko la rona ka mano, ya sotla bo-ntata rona, ya ba lahlisa masea a bona, hore a tle a se ke a phela.


Empa ke a tshaba, esere mohlomong maikutlo a lona a senyeha, la kgeloswa botshepehing ba lona ba nnete ho Kreste, jwalokaha noha e ne e thetse Eva ka mano a yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos