Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 2:35 - BIBELE

35 Empa wena o re: ‘Ha ke na molato! Ruri kgalefo ya Morena e tla mphapoha!’ Bona mona, nna ke tla o ahlola, hobane o re wena ha o a etsa sebe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Leha ho le jwalo, o re: Tjhe, ha ke na molato; efela kgalefo ya hae e nkgelohile! Bona, ke o tsekisa kahobane o bile o re: Ha ke a ka ka etsa sebe.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 2:35
11 Referencias Cruzadas  

‘Nna ke hlwekile, ha ke na sebe, ke hlatswehile, ha ke na bokgopo,


Ya patang dibe tsa hae a ke ke a ba le katleho; ya ipolelang tsona, a di bakela, o tla fumana mohau.


Ba re: ‘Ke hobaneng ha re itimme dijo, empa wena o sa ka wa bona? Ke hobaneng ha re itlhokofaditse, empa wena o sa ka wa natsa hoo?’ “Ka tsatsi la ho itima dijo, lona le phetha merero ya lona, le sebedisa basebetsi ba lona ka thata.


“Etlare ha o bolella setjhaba sena dintho tsena tsohle, se o botse, se re: ‘Ke hobaneng ha Morena a re reretse koduwa e kgolo hakaale? Re entse bokgopo bofe? Sebe seo re sitetsweng Morena Modimo wa rona ka sona, ke sefe?’


“O ka bua jwang, wa re: ‘Ha ke a silafala; ha ke a ka ka petlapetla kamora bo-Baale?’ Hlahloba boitshwaro ba hao ba ka kgohlong, o nahane seo o ileng wa se etsa! O tshwana le kamele e palesitse, e parakanya, e kgaohanya tsela tsa yona;


“Ke ka baka lang ha le phea kgang le nna? Kaofela ha lona le ba mphetohetseng,” ho rialo Morena.


“Kahoo ke tla le qosa,” ho rialo Morena, “ke be ke qose le tloholwana tsa lona.


Rata le tla fihla pheletsong tsa lefatshe, hoba tjhaba tsohle Morena o tla di qosa, batho bohle le bona a ba ahlole, ba kgopo a ba bolaye ka sabole,’ ” ho rialo Morena.


Ke tla mo tjhehela leraba le tla mo tshwasa, ke mo ise Babilona, mme hona moo ke mo ahlolele ho se tshepahale ha hae ka ho mphetohela.


Pelepele, ho eso be le Molao, ke ne ke ikutlwa ke phela, empa ha taelo e se e le teng, sebe sa qala ho phela,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos