La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 25:5 - BIBELE

Ka baka la ho dieha ha monyadi, bohle ba thibasela, ba robala.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Jwale kahobane monyadi a diehile, ba otsela bohle, ba robala.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Eitse ha monyadi a dieha, ba otsela bohle, ba robala.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Eitse ha monyadi a dieha, ba otsela bohle, ba robala.

Ver Capítulo



Mattheu 25:5
23 Referencias Cruzadas  

Bosiu ha ke robetse phateng tsa ka, ke ile ka batla ya ratwang ke pelo ya ka; ka mmatla, ka se ke ka mo fumana.


Leha ke ne ke robetse, pelo ya ka e ne hlobaela, ka utlwa moratuwa a kokota monyako, a re: “Mpulele kgaitsedi, moratuwa wa ka, leebana la ka, pabala ya ka; hlooho ya ka e metsi ke ho lalwa ke phoka, moriri wa ka o mongobo ke leswe la bosiu.”


“Aparo sa ka ke se ke se hlobotse, na nka boela ka se apara? Maoto a ka le wona ke se ke a hlatswitse, na nka boela ka a silafatsa?”


Pono ena e sa emetse nako ya yona, e haufi e phethahala, mme e ke ke ya thetsa. Leha e ka dieha, wena o e emele, e tla fela e phethahale, ha e ka ke ya dieha.


Empa haeba e le mohlanka ya kgopo, o tla re ka pelong: ‘Monga ka o dieha ho tla,’


“Yare kamora nako e telele, monga bahlanka bao a tla, mme a hlahlobisana boemo ba tshebetso le bona.


athe ba bohlale ba ile ba nka ole ka dipitsana le mabone a bona.


“Jwale hara mpa bosiu ha hlajwa mokgosi o reng: ‘Monyadi ke eo! Tswang, le mo kgahlanyetse!’


A tla ho barutuwa, a fumana ba robetse, mme a re ho Petrose: “Na ebe le sitilwe ho fadimeha le nna hora e le nngwe?


Ha a kgutlela ho bona hape, a fumana ba robetse, hobane mahlo a bona a ne a le boima ke boroko.


Batho ba ne ba emetse Sakariya, mme ba makaletse ho dieha ha hae ka Tempeleng.


Empa ha mohlanka eo a re ka pelong ya hae: ‘Monga ka o dieha ho fihla,’ ebe o qala ho otla bahlanka le makgabunyane, le ho ja, le ho nwa, le ho tahwa,


Ke a le bolella hore o tla ba ahlolela kapelepele. Leha ho le jwalo, na Mora Motho ha a etla, o tla fumana tumelo lefatsheng?”


Jwale Jesu a bolella batho setshwantsho sena: “Motho e mong a na a lema tshimo ya morara, a e etsa seahlolo le balemi, mme a eta nako e telele.


Etsang jwalo, ka ho tseba hore nako e fihlile. E se e le nako ya hore le tsohe borokong, hobane kajeno ho pholoswa ho haufi le rona ho feta mohla re qalang ho dumela.


Tsohle tse bonahatswang ke lesedi di fetoha lesedi. Ke ka baka leo ho thweng: “Tsoha, wena morabadi, tsoha bafung, mme Kreste o tla o bonesetsa.”


Ebang le boitshwaro, le fadimehe. Diabolosi, sera sa lona, o solla jwaloka tau e purumang, a ntse a batla eo a ka mo harolang.


Feela le kgomarele ho seo le nang le sona, ho fihlela ke etla.