Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Luka 12:45 - BIBELE

45 Empa ha mohlanka eo a re ka pelong ya hae: ‘Monga ka o dieha ho fihla,’ ebe o qala ho otla bahlanka le makgabunyane, le ho ja, le ho nwa, le ho tahwa,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

45 Empa ekare ha mohlanka eo a ka bua pelong ya hae, a re: Morena wa ka o diehile ho tla; mme jwale a qala ho otla bahlanka ba batona le ba batshehadi, a eja, a enwa, a tahwa,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

45 Empa ha mohlanka eo a ka re pelong ya hae: Monga ka o diehile ho tla; mme a qala ho otla bahlanka le barwetsana, le ho ja, le ho nwa, le ho tahwa;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

45 Empa ha mohlanka eo a ka re pelong ya hae: Monga ka o diehile ho tla; mme a qala ho otla bahlanka le barwetsana, le ho ja, le ho nwa, le ho tahwa;

Ver Capítulo Copiar




Luka 12:45
31 Referencias Cruzadas  

O a ba sireletsa, ba be ba rue letshepa, athe metsamao ya bona yona o e disitse.


“Tsohle di se di ngotswe, di kapele ho nna, ha nka ke ka kgutla, ke busetsa molamu sefateng, ke o busetsa sefateng ka sefutho se le seholo,


a re moporofeta Jeremia a shapuwe, a tlamellwe pakeng tsa dikoqo tse neng di le Monyakong wa Benjamine o kahodimo, pela Tempele ya Morena.


“Wena ngwana motho, ke puo nngwe eo le e buang naheng ee ya Iseraele, puo e reng: ‘Matsatsi a a lelefala, pono e nngwe le e nngwe e fetoha lefeela’?


Ke a hlapanya, ho rialo Morena. Dinku tsa ka di fetohile lelobelo, mme di jewa ke dibatana tsohle tsa naha, ka baka la ho hloka modisa. Badisa ha ba a ka ba batla mohlape wa ka, empa ba ile ba iphepa ba le bang, ba se ke ba fepa mohlape wa ka.


Ba bang ba tshwara bahlanka ba kgosi, ba ba etsa hampe, mme ba ba bolaya.


Kannete ke a le bolella hore o tla mo etsa modisa wa maruo wohle a hae.


monga mohlanka eo o tla fihla ka letsatsi leo mohlanka a sa le lebellang, le ka nako eo a sa e tsebeng, mme o tla mo kgabelaka, a mo fe kabelo ya hae le ba sa dumeleng.


“Itlhokomeleng, esere mohlomong dipelo tsa lona tsa imelwa ke botlofa le botahwa, le matshwenyeho a bophelo bona, mme letsatsi lela la le tsometsa,


a re ho yena: “Batho bohle ba ye ba qale ka veine e monate pele, mme ha bamemuwa ba se ba nwele, ba tlise e mpe; wena o bolokile veine e monate ho fihlela jwale.”


Le hodima bahlanka ba ka le makgabunyane a ka ke tla theolela Moya wa ka matsatsing ao, mme ba tla porofeta.


hobane ba jwalo ha ba sebeletse Morena wa rona Kreste, empa ba sebeletsa dimpa tsa bona. Ka dipuo tse monate, tse qekang, ba thetsa dipelo tsa ba se nang bobe.


hobane le mamella motho ha a le etsa makgoba, ha a le ja, kapa ha a le qhekella, kapa a ikgohomosetsa lona, kapa a le wahlela sefahlehong.


Le tla thaba kapele ho Morena Modimo wa lona; lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona, le makgabunyane a lona, le Molevi ya kahara metse ya lona, hobane ha a na seabo kapa lefa jwaloka lona.”


Ba robalang ba robala bosiu, le ba tahwang ba tahwa bosiu.


ba amohele moputso wa bokgopo boo ba bo entseng. Boithabiso ba bona ke ho qeta letsheare lohle ba le meketeng ya dijo le dino. Ke tlontlollo le mahlabisadihlong hore ba je le lona, athe ba ithabisa ka mekgwa ya bona e kgelosang.


Ba tshepisa batho bolokolohi, athe bona ke makgoba a ditlwaelo tse bodileng, hobane motho ke lekgoba la se mo hlotseng.


Ba tsholotseng madi a bahalaledi le a baporofeta, o ba nwesitse madi; hona ho ba loketse.”


Babilona ho fumanwe madi a baporofeta, le a bahalaledi, le a bohle ba ileng ba bolawa lefatsheng.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos