Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 2:25 - BIBELE

25 Feela le kgomarele ho seo le nang le sona, ho fihlela ke etla.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Feela, le nne le tiise seo le nang le sona, ke be ke fihle.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

25 Empa seo le nang le sona le se kgomaretse ho fihlela ke fihla.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 Empa seo le nang le sona le se kgomaretse ho fihlela ke fihla.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 2:25
16 Referencias Cruzadas  

Ha ke se ke ile, ke le lokiseditse bodulo, ke tla boela ke tle ke le nkele ho nna, hore moo nna ke leng teng, le lona le be hona teng.


E mong wa bona ya bitswang Agabuse, a ema, a dupa ka Moya o Halalelang hore ho se ho tla ba le tlala e kgolo lefatsheng lohle; ya fela ya eba teng mehleng ya ha ho ne ho busa Tlelaudiose.


Lerato le hloke boikaketsi. Hloyang bobe, kgomarelang botle.


Kamehla ha le eja bohobe bona, mme le nwela senwelong sena, le phatlalatsa lefu la Morena ho fihlela a kgutla.


Ka baka leo, le se ke la ahlola e eso be nako, Morena a eso kgutle, e leng yena ya tla senola tse lefifing, a pepese merero ya dipelo tsa batho. Ke moo e mong le e mong a tla fumana thoriso e mo lokelang ho Modimo.


Hlahlobang tsohle, le boloke tse ntle,


A re tiisetseng ho bolela tshepo ya rona re sa thekesele, hobane ya re tshepisitseng o a tshepahala.


empa Kreste, e le Mora, o tsepahala tlung ya hae eo a e okametseng. Ntlo eo ke rona ha re ka ba sebete, mme ra boloka tshepo eo re leng motlotlo ka yona.


Erekaha re ena le Moprista e Moholo, ya hlompehang, ya keneng lehodimong, e leng Jesu, Mora wa Modimo, a re boleleng tumelo ya rona re tiile.


Letsatsi la Morena le tla fihla jwaloka leshodu. Mohlang oo mahodimo a tla fela ka lerata le tshabehang. Dintho di tla qhibidiswa ke motjheso, mme lefatshe le tsohle tse ho lona di tla fediswa.


Ke eo a etla a le hara maru, mme mahlo a bohle a tla mmona, esita le bona ba mo hlabileng, mme meloko yohle ya lefatshe e tla mo llela. E! A ho be jwalo!


Ya pakang tsena o re: “E, ke tla tla kapele.” A ho be jwalo! Tloo, Morena Jesu.


“Bona, ke tla tla kapele. Ho lehlohonolo ya bolokang mantswe a boporofeta a bukeng ena.”


“Ke tla tla kapele. Kgomarela ho seo o nang le sona, e le hore ho tle ho se ba ye ka o amohang mofapahlooho wa hao.


Hopola he, kamoo o ileng wa amohela seo o se utlwileng kateng; se boloke, mme o bake. Haeba o sa fadimehe, ke tla tla ho wena jwaloka leshodu, mme ha o ka ke wa tseba nako eo ke tla tla ho wena ka yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos