haeba nkile ka bona motho a eshwa ke ho hloka diaparo, kapa mofumanehi a se na le nketlana;
Mattheu 25:43 - BIBELE ke le moeti, la se ke la nkamohela; ke hlobotse, la se ke la nkapesa; ke kula, ke le tjhankaneng, la se ke la ntlhwela.’ Sesotho 1909/1961 (SO) ke na be ke le moeti, mme ha le a ka la nkenya tlung ha lona; ke na be ke hlobotse, mme ha le a ka la nkapesa; ke na be ke le pabong, le teronkong, mme ha le a ka la tla mpona. Baasraak Sotho NT ke ne ke le moeti, la se ke la nkamohela; ke hlobotse, la se ke la nkapesa; ke kula, ke le teronkong, mme ha le a ka la nketela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 ke ne ke le moeti, la se ke la nkamohela; ke hlobotse, la se ke la nkapesa; ke kula, ke le teronkong, mme ha le a ka la nketela. |
haeba nkile ka bona motho a eshwa ke ho hloka diaparo, kapa mofumanehi a se na le nketlana;
Ka baka lena, Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena malebana le badisa ba alosang setjhaba sa hae: “Le qhadile mohlape wa ka, la o leleka, mme ha le a ka la o hlokomela. Bonang, ke tla le otla ka baka la bokgopo ba diketso tsa lona,” ho rialo Morena.
Baahi ba naha ena ba hatella batho, ba a utswa, ba sotla mofutsana le mohloki, ba hlokofatsa moditjhaba, ha ba ba sebeletse ka toka.
“Ke moo ba tla mo araba le bona, ba re: ‘Morena, ke neng re ileng ra o bona o lapile, o nyorilwe, o le moeti, o hlobotse, o kula, kapa o le tjhankaneng, yaba ha re o etsetse letho?’
Jwale, kamora matsatsinyana, Paulosi a re ho Baranabase: “A re boele re tjhakele badumedi motseng o mong le o mong oo re ileng ra phatlalatsa lentswe la Morena ho wona, re bone hore na ba phela jwang.”
Se lebaleng ho amohela baeti, hobane, ka ho etsa jwalo, ba bang ba amohetse mangeloi ba sa lemohe.
Hopolang ba ditlamong, jwaloka hoja le le ditlamong le bona; esita le ba hlekefetswang, hobane le lona le sa phela lefatsheng.
Ba kgelohela teng, ho ya robaletsa Gibea. Ha a kena a itulela fatshe, lebaleng la motse oo, empa ha se ke ha eba le motho ya ba amohelang tlung ya hae hore ba robaletse.