Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 23:2 - BIBELE

2 Ka baka lena, Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena malebana le badisa ba alosang setjhaba sa hae: “Le qhadile mohlape wa ka, la o leleka, mme ha le a ka la o hlokomela. Bonang, ke tla le otla ka baka la bokgopo ba diketso tsa lona,” ho rialo Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ka baka leo, ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele, bakeng sa badisa ba disang setjhaba sa ka: Le qhalantse mohlape wa ka, le o hasantse, ha le a ka la o hlahloba; bonang, ke tla busetsa ho lona ka bolotsana ba diketso tsa lona, ho bolela Jehova.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 23:2
21 Referencias Cruzadas  

Jwale tsamaya, o ise setjhaba moo ke itseng o se ise teng. Bona, lengeloi la ka le tla o etella pele; feela mohla letsatsi la kotlo, setjhaba sena ke tla se otlela sebe sa sona.”


Badisa ba hloka kelello, thuso ya Morena ha ba e batle, kahoo ba ke ke ba fumana katleho, mehlape ya bona yohle e qhalakane.


Kahoo Morena wa mabotho o bua tjena: “Ke tla ba otla. Bahlankana ba bona ba tla bolawa ka sabole, bara le baradi ba bona ba bolawe ke sekoboto.


Empa haeba le ke ke la mamela, ke tla llela boikgohomoso ba lona sephiring, mahlo a ka a keleketle dikeledi, hobane mohlape wa Morena o tla bo thopilwe.


Phahamisang mahlo a lona, le bone ba le futuhelang ba etswa leboya. O kae mohlape oo o neng o o disa, mohlape wa hao o neng o kgahleha?


O tla reng ha bao o no re ke metswalle, ba o hlweswa hodimo, e eba babusi ba hao? Na ha o na ho tshwarwa ke mahlaba, o tshwarwe ke mahlaba sa mosadi a kena tlung?


“Ke nna Morena ya lekolang dipelo, mohopolo le wona o lekolwa ke nna. Ke putsa motho ho ya ka diketso tsa hae, ho latela tholwana tsa mesebetsi ya hae.”


Oho, lona ba ntlo ya Davida, Morena o bua tjena: “ ‘Ahlolelang batho ka toka hoseng ha letsatsi ka leng, namolelang motlatlapuwa matsohong a motlatlapi, esere kgalefo ya ka ya laima malakabe, ya tuka hoo ho seng ya ka ba e tima, ka baka la bokgopo ba diketso tsa lona.


Ha e le moporofeta, kapa moprista, kapa e mong wa setjhaba ya ka reng: ‘Molaetsa wa Morena,’ motho eo ke tla mo otla hammoho le lelapa la hae lohle.


Eitse ha Morena a se a sitwa ho mamella diketso tsa lona tse kgopo le manyala ao le a entseng, yaba naha ya lona e fetoha nanaola le sesomo, ya rohakeha, ya hloka baahi jwalokaha ho le jwalo kajeno.


Na ha ke lokele ho ba otlela tsee?” ho rialo Morena. “Na tjhaba se tjee ha se lokelwe ke boiphetetso ba ka?


Na ha ke lokele ho ba otlela tsee?” ho rialo Morena. “Na tjhaba se tjee ha se lokelwe ke boiphetetso ba ka?


Na ba ke ba be dihlong ha ba entse manyala? Le ho ka! Ho hang ho bona dihlong ha di yo! Le ho pudufallwa ha ba pudufallwe; kahoo ba tla wela kahara ba weleng; mohla ke ba otlang ba tla timela, ho rialo Morena.


Ka baka la ho hloka modisa di qhalane, mme di jewa ke dibatana tsohle tsa naha.


Ke tla mo otlela matsatsi a hae a pele, matsatsi a ho sebeletsa bo-Baale, ao ka wona a na ba tjhesetsa mokubetso, a ikgabisitse ka masale le mabenyane, a manakisana le medingwana ya hae, mme nna a se a bile a ntebetse,” ho rialo Morena.


Ya lokileng ho ba feta o ka hlabahlabane, ya tshepahalang ho ba feta o ka lekgwakgwa le baletswe ka leoka. Letsatsi la balebedi ba hao le fihlile, letsatsi leo Modimo a tla o otla ka lona, nako ya hore ba ferekane jwale e fihlile.


Morena o re: “Kgalefo ya ka e tloketse badisa, kahoo baetapele bana ke tla ba otla. Morena wa mabotho o tla baballa mohlape wa hae, e leng ba ntlo ya Juda, ba tshwana le pere e mabela ya ntwa.


Ke tla boela ke bea modisa e mong naheng ena. Yena ha a ka ke a tsotella tse lahlehileng, kapa a batla dikonyana, kapa a phekola tse robehileng, kapa a fepa tse phelang hantle. O tla itjella dinku tse nonneng, a ba kokone le dikgolana tsa tsona.


ke hlobotse, la nkapesa; ke kula, la ntlhwela; ke le tjhankaneng, la ntjhakela.’


ke le moeti, la se ke la nkamohela; ke hlobotse, la se ke la nkapesa; ke kula, ke le tjhankaneng, la se ke la ntlhwela.’


Borapedi bo hlwekileng, bo se nang sekodi mahlong a Modimo Ntata rona, ke bona: Ho tjhakela dikgutsana le bahlolohadi matshwenyehong a bona, le ho ipoloka re sa silafatswe ke tsa lefatshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos